Feta

Bibele e Reng ha e Bua ka Mafu a Sewa?

Bibele e Reng ha e Bua ka Mafu a Sewa?

Karabo e tswang ka Bibeleng

Bibele e ile ya bolela esale pele hore ho tla ba le mafu a sewa nakong ya matsatsi a ho qetela. (Luka 21:11) Mafu ana a sewa ha se kotlo e tswang ho Modimo. Ha e le hantle, ha Mmuso wa Modimo o busa lefatsheng, o tlo fedisa ho kula le mafu a sewa.

 Na Bibele e ile ya bua esale pele ka mafu a sewa?

Bibele ha e bue ka ho toba ka mafu a sewa, a kang COVID-19, AIDS, TB, malaria kapa Spanish flu. Empa e ile ya bua ka “mafu a sewa” le “lefu la sewa le bolayang.” (Luka 21:11; Tšenolo 6:8) Dintho tsena ke pontsho ya hore re phela “matsatsing a ho qetela,” a boetseng a bitswang “qetello ya tsamaiso ya dintho.”​—2 Timothea 3:1; Matheu 24:3.

 Na Modimo o kile a otla batho ka ho kula?

Bibele e bua ka diketsahalo tse mmalwa tseo ho tsona Modimo a ileng a sebedisa ho kula ho otla batho. Ka mohlala, o ile a etsa hore batho ba bang ba be le lepera. (Numere 12:1-16; 2 Marena 5:20-27; 2 Likronike 26:16-21) Empa mafu ao a ne a sa tshwaetse batho ba se nang molato. Ho ena le hoo, a ne a tshwara batho bao ka ho kgetheha ba neng ba fetohetse Modimo.

 Na kajeno mafu a sewa ke kotlo e tswang ho Modimo?

Tjhe. Kajeno batho ba bang ba re Modimo o otla batho a sebedisa mafu a sewa le mafu a mang. Le ha ho le jwalo, Bibele ha e dumellane le seo. Hobaneng?

Ha e le hantle, ba bang ba bahlanka ba Modimo ba ile ba angwa ke mafu ana a sewa nakong e fetileng le hona jwale. Ka mohlala, mohlanka wa Modimo ya tshepahalang Timothea, o ile a ba le “maemo a . . . ho kula kgafetsa.” (1 Timothea 5:23) Empa ha hona moo Bibele e reng e ne e le hobane Modimo o ne a mo otla. Ka tsela e tshwanang, kajeno bahlanka ba Modimo ba tshepahalang ba tshwaetswa ke malwetse. Hangata ke ka lebaka la hore ba ne ba le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng.​—Moeklesia 9:11.

Ho feta moo, Bibele e re nako ya hore Modimo a otle batho ba kgopo ha e so fihle. Ho ena le hoo, re phela nakong ya “letsatsi la poloko” eo ka yona Modimo a memang batho bohle hore ba tle ho yena e le hore ba bolokehe. (2 Bakorinthe 6:2) O boetse o mema batho ka hore ba bolellwe molaetsa o thabisang, e leng ‘ditaba tse molemo tsa mmuso.’​—Matheu 24:14.

 Na mafu a sewa a tla ke a fele?

Ho jwalo. Bibele e bua ka nako eo ka yona ho ke keng ha hlola ho e ba le motho ya kulang. Ha Mmuso wa hae o se o busa lefatsheng, Modimo o tla fedisa mafu ohle. (Esaia 33:24; 35:5, 6) O tla boela a fedise dintho tse bohloko ha mmoho le lefu. (Tšenolo 21:4) Hape o tla tsosa bafu e le hore ba thabele ho phela lefatsheng le se nang ho kula le le phethahetseng.​—Pesaleme 37:29; Liketso 24:15.

 Ditemana tsa Bibele tse buang ka ho kula

Matheu 4:23: “[Jesu] a potoloha ho pholletsa le Galilea yohle, a ruta ka disynagogeng tsa bona le ho bolela ditaba tse molemo tsa mmuso le ho phekola lefu la mofuta o mong le o mong le mefokolo ya mofuta o mong le o mong hara batho.”

Seo se bolelang?: Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa e ile ya bontsha hanyane seo Mmuso wa Modimo o tla se etsetsa batho haufinyana.

Luka 21:11: “Ho tla ba le . . . mafu a sewa.”

Seo se bolelang?: Ho ata ha malwetse lefatsheng lohle ke e nngwe ya dintho tse bontshang hore re phela matsatsing a ho qetela.

Tšenolo 6:8: “Bonang! pere e botala bo bosehla; mme lebitso la ya e palameng e ne e le Lefu. Hadese e ne e mo latela haufiufi. Tsa fuwa matla . . . hore di bolaye ka . . . lefu la sewa le bolayang.”

Seo se bolelang?: Boprofeta bo buang ka banna ba bane ba dipere bo bontsha hore mafu a sewa a tla ba teng matsatsing a na.