Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Mathata—ke Pontsho ya Hore Modimo o a re Otla?

Na Mathata—ke Pontsho ya Hore Modimo o a re Otla?

LUZIA O HOLOFETSE LEOTO LE LETSHEHADI. Ha a le monyane o ile a tshwarwa ke poliomyelitis, e leng bolwetse bo tshwaetsang, bo hlaselang boko le lesapo la mokokotlo. Ha Luzia a le dilemo di 16, mohiri wa hae o ile a re: “Lebaka la hore Modimo a o holofatse ke hobane o ne o sa mamele mme wa hao ebile o sa mo hlomphe.” Le hoja ho se ho fetile dilemo tse ngata, Luzia o ntse a hopola ka moo mantswe ao a ileng a mo utlwisa bohloko ka teng.

KA MORA HO RE DAMARIS A BOLELLWE HORE O NA LE KANKERE YA BOKO, ntate wa hae o ile a re: “O entseng? E tlameha ebe ho na le ntho e mpe haholo eo o e entseng. Ke ka hoo Modimo a o otlang.” Mantswe ana a ile a sithabetsa Damaris haholo.

Ho tloha kgale batho ba dumela hore ho kula ke pontsho ya hore Modimo o re otlela dibe tsa rona. Buka e bitswang Manners and Customs of Bible Lands e re mehleng ya Kreste, batho ba bangata ba ne ba dumela hore “bokudi ke kotlo e bakwang ke sebe seo motho a se entseng kapa se entsweng ke ba leloko.” Ha Buka e bitswang Medieval Medicine and the Plague yona e re dilemong tsa bo 400 ho ya ho tsa bo 1500, “batho ba bang ba ne ba dumela hore Modimo o ba otlela dibe tsa bona ka ho ba tlisetsa malwetse a bolayang.” Jwale, na re ka re bolwetse bo ileng ba bolaya batho ba dimilione Europe, ka selemo sa 1301 ho ya ho 1400, e ne e le ha Modimo a ahlola batho ba kgopo? Kapa na e ne empa e le bolwetse bo bakilweng ke dikokwanahloko, jwalo ka ha batho ba etsang dipatlisiso ho tsa meriana ba ile ba bontsha? Ka hoo, batho ba bang ba ka nna ba ipotsa hore na ehlile Modimo o sebedisa bokudi ho ba utlwisa bohloko ka lebaka la dibe tsa bona. *

NAHANA KA SENA: Haeba bokudi le mathata ene e le kotlo e tswang ho Modimo, jwale ke hobaneng ha Jesu a ile a fodisa batho ba neng ba kula ha a ne a le lefatsheng? Na seo e ne e tla be e se ho hlompholla tsela eo Modimo a etsang dintho ka yona? (Matheu 4:23, 24) Ha ho mohla Jesu a ka bang kgahlanong le thato ya Modimo. O ile a re: “Kamehla ke etsa dintho tse mo kgahlisang,” “esita le jwalo ka ha Ntate a mphile taelo hore ke etse, ke etsa jwalo.”—Johanne 8:29; 14:31.

Bibele e hlakile ha e re: Jehova ke Modimo “eo ho yena ho se nang ho hloka toka.” (Deuteronoma 32:4) Ka mohlala, Modimo o ne a ke ke a diha sefofane mme a bolaya batho ba makgolo ba se nang molato, hobane feela a batla ho ahlola e mong wa bona. Mohlanka ya tshepahalang wa Modimo e leng Abrahama, o ile a hatisa hore Modimo o lokile ha a ne a re le ka mohla a ke ke a “fedisa ya lokileng le ya kgopo.” O ile a boela a re hoo e ne e tla ba ho sa ‘utlwahaleng.’ (Genese 18:23, 25) Bibele e boetse e re “Modimo ha a sebetse bokgopo” kapa a etse dintho tse senang “toka.”—Jobo 34:10-12.

BIBELE E RENG HA E BUA KA MATHATA A RONA?

Mathata a re hlahelang ha se pontsho ya hore Modimo o re ahlolela dibe tsa rona. Jesu o ile a hlakisa taba ena nakong eo yena le barutuwa ba hae ba neng ba bona monna ya hlahileng e le sefofu. “Barutuoa ba hae ba [ile ba] mo botsa: ‘Rabi, ke mang ya entseng sebe, na ke monna enwa kapa batswadi ba hae, hoo a tswetsweng a foufetse?’ Jesu a araba: ‘Hase monna enwa ya entseng sebe kapa batswadi ba hae, empa e ne e le hore mesebetsi ya Modimo e ka bonahatswa ho yena.’”—Johanne 9:1-3.

Ka ha maikutlo a hore motho o kula hobane hona le sebe seo a se entseng kapa seo ba lelapa ba se entseng a ne a atile, e tlameha ebe barutuwa ba Jesu ba ile ba makatswa ke ha a re monna eo ha a foufala hobane hona le sebe seo yena kapa batswadi ba hae ba se entseng. Ha Jesu a ne a fodisa monna enwa ya sa boneng, o ile a bontsha batho hore mathata ha se kotlo e tswang ho Modimo. (Johanne 9:6, 7) Kajeno batho ba kulang, ba ka thabiswa ke ho tseba hore ha se Modimo ya ba bakelang mathata ana.

Ke hobaneng ha Jesu a ile a fodisa batho ba kulang haeba Modimo a ne a ba otlela dibe tsa bona?

Mangolo a re kgodisa hore

  • “Modimo a ke ke a lekwa ka dintho tse mpe kapa hona hore o leka le ha e le mang ka tsona.” (JAKOBO 1:13) Haufinyana “dintho tse mpe” tseo esale di utlwisa batho bohloko, tse akarelletsang ho kula, bohloko le lefu di tla fele.

  • Jesu Kreste o ile a “phekola bohle ba neng ba ya hampe.” (MATHEU 8:16) Ha Mora wa Modimo a ne a fodisa bohle ba neng ba tla ho yena, o ne a bontsha hore na ho tla etsahalang ha Mmuso wa Modimo o se o busa mona lefatsheng.

  • “[Modimo] o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng. Dintho tsa pele di fetile.”—TŠENOLO 21:3-5.

KE MANG YA RE BAKELANG MATHATA?

Jwale ke hobaneng ha re utlwa bohloko ebile re e na le mathata? Haesale batho ba ntse ba ipotsa potso ena. Haeba ha se Modimo ya re bakelang mathata, jwale ke mang ya re bakelang ona? O tla fumana dikarabo tsa dipotso tsena sehloohong se latelang.

^ par. 4 Le hoja mehleng ya kgale Modimo a ne a na le ho ahlola batho ha ba entse dibe tse itseng, ha hona moo Bibele e bontshang hore Jehova o sebedisa ho kula le dintho tse bohloko ho ahlola batho kajeno.