Feta

Ho Bolelwang ha ho Thwe “Hlompha Ntatao le Mmao”?

Ho Bolelwang ha ho Thwe “Hlompha Ntatao le Mmao”?

Karabo ya Bibele

Molao o reng “hlompha ntatao le mmao” o hlaha ka makgetlo a mangata ka Bibeleng. (Exoda 20:12; Deuteronoma 5:16; Matheu 15:4; Baefese 6:2, 3) O akarelletsa ho etsa dintho tse nne.

  1. Ba ananele. O hlompha ntatao le mmao ha o ba leboha ka sohle seo ba o etseditseng sona. O ka bontsha kananelo ka hore o ba mamele. (Liproverbia 7:1, 2; 23:26) Bibele e kgothalletsa hore re nke batswadi ba rona jwalo ka “botle” kapa “kganya” ya rona.—Liproverbia 17:6.

  2. Mamela ditaelo tsa bona. Haholoholo ha o sa le motjha, o hlompha batswadi ba hao ha o ba mamela hobane ke Modimo a ba fileng boikarabelo. Lengolo la Bakolose 3:20 le re ho batjha: “Le mamele batswadi ba lona nthong e nngwe le e nngwe, etswe sena se kgahlisa haholo Moreneng.” Esita le Jesu ha a ne a le motjha o ne a ikemiseditse ho mamela batswadi ba hae.—Luka 2:51.

  3. Ba hlomphe. (Levitike 19:3; Baheberu 12:9) Sena se akarelletse seo o se buang le tsela eo o se buang ka yona. Ke nnete hore batswadi ba bang ba ka etsa dintho tse ka etsang hore ho be thata ho ba hlompha. Le ha ho le jwalo, bana ba ka hlompha batswadi ba bona ka ho qoba dipuo kapa diketso tse bontshang ho se ba hlomphe. (Liproverbia 30:17) Bibele e ruta hore ho hlaba batswadi ka mantswe ke phoso e kgolo.—Matheu 15:4.

  4. Ba hlokomele. Ha batswadi ba tsofala, ba ka hloka thuso ya hao. O ka bontsha hore wa ba hlompha ka hore o etse sohle seo o ka se kgonang hore ba be le seo ba se hlokang. (1 Timothea 5:4, 8) Ka mohlala, Jesu pele a shwa o ile etsa bonnete ba hore mme wa hae o tla hlokomelwa.—Johanne 19:25-27.

Seo batho ba se nahanang ka ho hlompha ntatao le mmao

Seo batho ba se nahanang: Ho bontsha hore o hlompha ntatao le mmao, o lokela ho ba dumella hore ba laole lenyalo la hao.

Nnete: Bibele e ruta hore lenyalo le tla pele ho baleloko. Lengolo la Genese 2:24 le re: “Monna o tla siya ntatae le mmae mme o tla kgomarela mosadi wa hae.” (Matheu 19:4, 5) Ke nnete hore seo ha se bolele hore ba ke ke ba nka dikeletso tse tswang ho batswadi. (Liproverbia 23:22) Le ha ho le jwalo, banyalani ba ka ipehela meedi ya hore na baleloko ba ka kenella ditabeng tsa bona ho fihlela kae.​—Matheu 19:6.

Seo batho ba se nahanang: Ntatao le mmao ba na le matla ohle.

Nnete: Le hoja Modimo a file batswadi boikarabelo ka lapeng, batho bohle ba na le tekanyo e itseng ya matla—Modimo ke yena ya nang le matla ohle. Ka mohlala, ha lekgotla le bolella balatedi ba Jesu hore ba se ke ba mamela Modimo, ba ile ba re: “Re tla mamela Modimo e le mmusi ho ena le batho.” (Liketso 5:27-29) Ka tsela e tshwanang, bana ba mamela batswadi ba bona “bonngweng le Morena,” sena se bolela hore dinthong tsohle tse seng kgahlonong le melao ya Modimo.—Baefese 6:1.

Seo batho ba se nahanang: ho hlompha ntatao le mmao ho bolela hore o lokela ho latela bodumedi ba bona.

Nnete: Bibele e re kgothalletsa hore re hlahlobe seo re se dumelang hore na ke nnete kapa Tjhe. (Liketso 17:11; 1 Johanne 4:1) Motho ya hlahlobang seo a se dumelang, a ka kgetha bodumedi bo fapaneng le ba batswadi ba hae. Bibele e bua ka barapedi ba tshepahalang ba Modimo ba kang Abrahama, Ruthe, le moapostola Pauluse ba sa kang ba latela bodumedi ba batswadi ba bona.—Joshua 24:2, 14, 15; Ruthe 1:15, 16; Bagalata 1:14-16, 22-24.

Seo batho ba se nahanang: Ho bontsha hore o hlompha ntatao le mmao, o tlameha ho latela meetlo ya ho rapela badimo.

Nnete: Bibele e re: “Ke Jehova Modimo wa hao eo o tla mo rapela, mme ke yena feela eo o tla mo etsetsa tshebeletso e halalelang.” (Luka 4:8) Motho ya rapelang badimo ha a kgahlise Modimo. Ho feta moo, Bibele e ruta hore “ba shweleng ho hang ha ba tsebe letho.” Ha ba kgone ho bona letho leo batho ba ba etsetsang lona; esita le ho thusa kapa ho ntsha batho ba phelang kotsi.​—Moeklesia 9:5, 10; Esaia 8:19.