Feta

Na ke Lokela ho Rapela Bahalaledi?

Na ke Lokela ho Rapela Bahalaledi?

Karabo ya Bibele

 Tjhe. Bibele e bontsha hore re lokela ho rapela Modimo feela, ka lebitso la Jesu. Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae: “Le rapele ka tsela ena: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le ke le halaletswe.” (Matheu 6:9) Ha ho mohla Jesu a kileng a laela barutuwa ba hae hore ba rapele bahalaledi, mangeloi kapa motho le ha e le ofe ntle le Modimo.

 Jesu o ile a boela a re ho balatedi ba hae: “Ke nna tsela le nnete le bophelo. Ha ho ya tlang ho Ntate haese ka nna.” (Johanne 14:6) Ke Jesu feela eo Modimo a mo fileng tokelo ya ho ba mmuelli wa rona. Baheberu 7:25.

Na ho fosahetse ha eba ke rapela Modimo le bahalaledi?

 E le karolo ya Melao e Leshome, Modimo o ile a re: “Nna MORENA, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang.” (Exoda 20:5, NAB) Modimo o “boulela” ka tsela efe? Mongolo o botlaaseng ba leqephe ho New American Bible o re o “batla boinehelo bo kgethehileng.” Modimo o batla hore boinehelo kapa borapedi, ho akarelletsa thapelo di lebiswe ho yena ka ho kgetheha.​—Esaia 48:11.

 Re kgopisa Modimo ha re rapela motho le ha e le ofe, esita le bahalaledi kapa mangeloi a halalelang. Ha moapostola Johanne a ne a leka ho rapela lengeloi, lengeloi leo le ile la mo thibela ho etsa jwalo mme la re: “Hlokomela! Ke mpa feela ke le lekgobammoho le wena le barabeno ba nang le mosebetsi wa ho pakela Jesu. Rapela Modimo.”​—Tšenolo 19:10, NAB.