Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Ditaba Tsa Molao tsa 2016

Ditaba Tsa Molao tsa 2016

Bara le baradibabo rona ba bontsha ka ho hlaka hore ba tshepahalla Jehova Modimo ha ba qoswa le ha ba tobane le maemo a thata. Ba re behetse mohlala o motle wa ho dula re tiile tumelong, re kgodisehile hore Jehova o tla tshwara ya tshepahalang wa hae ka tsela e kgethehileng. —Pes. 4:3.

ARGENTINA | Tokelo ya ho Ruta Bana ka Ditaba Tsa Bodumedi

Ruth o holetse lelapeng la Bakreste empa o ile a kgaotsa ho ya dibokeng ha a sa le monyenyane. Ka mora nako, o ile a ba le mohlankana mme a ba le ngwana wa ngwanana. Ka letsatsi le leng ha Ruth a le toropong ya La Plata, o ile a bona Dipaki Tsa Jehova di le boboleding di sebedisa tafole ya dingolwa. Seo se ile sa mo susumelletsa hore a ye dibokeng hape yaba o qala ho ruta moradinyana wa hae Bibele. Ntate wa ngwana o ne a sa batle ha Ruth a ruta moradi wa bona Bibele. Kahoo, o ile a isa Ruth lekgotleng e le ho leka ho mo thibela hore a se ke a ruta ngwana Bibele le hore a se ke a ya le yena dibokeng.

Mmuelli wa Ruth o ile a re batswadi ka bobedi bana le tokelo ya ho ruta ngwana wa bona ka bodumedi, le hore lekgotla le ke ke la kenakenana le tokelo eo ntle le haeba ho na le bopaki ba hore dithuto tsa bodumedi boo di kotsi. Le hoja ngwana eo a ne a le dilemo di nne feela, lekgotla le ile la etsa qeto ya hore o na le tokelo ya ho ikhethela bodumedi. Lekgotla la boipiletso le ile la hlakisa taba ya hore ngwana o sa le monyane haholo hore a ka iketsetsa qeto ya hore na o nka bodumedi bofe, le hore batswadi ka bobedi bana le ditokelo tse lekanang tsa ho mo ruta ka bodumedi.

Moradinyana wa Ruth o bala Bibele bosiu bo bong le bo bong ebile o ya dibokeng le mme wa hae. O re o tatetse ho tjhakela Bethele e Buenos Aires.

AZERBAIJAN | Tokelo ya Bodumedi

Moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore phuthehong ya Bokreste: “Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona.” (1 Bakor. 12:26) Sena se ile sa phethahala hantle ha Moradiwabo rona Irina Zakharchenko le Valida Jabrayilova ba Azerbaijan ba qoswa. Ka February 2015, ba boholong ba ile ba qosa baradi bao ba bo rona ka hore ba etsa mosebetsi wa bodumedi o seng molaong. Moahlodi o ile a ba kwalla yaba ba qeta nako e ka etsang selemo ba le teronkong, moo ba neng ba tshwerwe hampe hobane nyewe ya bona e ne e dula e tjhetjhiswa.

Azerbaijan: Valida Jabrayilova le Irina Zakharchenko

Ha nako ya hore ba ilo hlahella ka pela lekgotla ka January 2016 e fihla, moahlodi o ile a re baradibabo rona ba molato mme a ba faena. Le ha ho le jwalo, o ile a hlakola faene eo kaha ba ne ba se ba dutse nako e telele teronkong yaba o re ba kgutlele hae. Ha Lekgotla la Boipiletso le toropong ya Baku le hana boipiletso ba bona ba hore ba tshwerwe ka phoso, ba ile ba isa tletlebo ya bona Lekgotleng le Phahameng. Ba tswela pele ka ho ipiletsa ho Komiti ya Ditokelo Tsa Botho ya UN ka hobane ho hataketswe tokelo ya bona ya bodumedi le hore ba ile ba tshwarwa hampe.

Hona jwale baradi bao ba bo rona ba sa ntse ba ikoka maqeba. Le ha ho le jwalo, ba thabile haholo ha ba utlwa hore ha ba ntse ba le ditlamong moo, ba ne ba rapellwa ke bara ba bo bona. Ha Moradiwabo rona Jabrayilova a ngolla Sehlopha se Busang o ile a re: “Ke kgodisehile hore dithapelo tsa lona di re thusitse hore re mamelle diteko tse matla. Ka lebaka leo, nke ke ka lebala lerato la lona, la badumedimmoho le nna lefatsheng lohle hammoho le leo Jehova a mpontshitseng lona.”

ERITREA | Ba Tshwarelwa Tumelo ya Bona

Ka July 2016, mmuso wa Eritrea o ne o se o tshwere Dipaki Tsa Jehova tse 55 ka lebaka la tumelo ya tsona. Barababo rona ba bararo e leng Paulos Eyassu, Isaac Mogos, le Negede Teklemariam ha e sa le ba le teronkong ho tloha ka September 1994, mme mmuso o se o tshwere barababo rona ba bang ba 9 ka dilemo tse kabang 10.

Ka January 2016 ho ile ha etsahala ntho e nngwe ho Dipaki Tsa Jehova tsa Asmara tse ileng tsa tshwarwa ha di ne di le Sehopotsong ka April 2014. E ne e le lekgetlo la pele ba boholong ba latela metjha e nepahetseng ha ba di qosa mme sena se ile sa di fa monyetla wa ho ipuella. Bara le baradibabo rona ba bangata ba ile ba fumanwa ba le molato ka hore ba bile le seboka se seng molaong, ba faenwa yaba ba a lokollwa. Le ha ho le jwalo, Saron Gebru, eleng moradiwabo rona e mong ya neng a qositswe, o ile a hana faene eo. Ka lebaka leo, o ile a tshwarwa ka dikgwedi tse 6. Ho kgothatsang ke hore o ne a etelwa hanngwe ka beke mme o re ba ne ba mo tshwere hantle. Yena le badumedimmoho ba bang ba 54 ba teronkong, ba ananela dithapelo tse neng di etswa molemong wa bona kaha kaofela re ‘dula re hopotse ba ditlamong tsa tjhankana jwalo ka ha eka [re] tlamilwe le bona.’—Heb. 13:3.

GERMANY | Ba Fumana Bolokolohi ba Bodumedi

Ho latela qeto e ileng ya nkwa ke Lekgotla le Phahameng la Tsamaiso la Berlin, boholo ba diprovense tse 16  tsa Germany di ile tsa dumella Mokgatlo wa Bodumedi wa Dipaki Tsa Jehova hore o be molaong. Le ha ho le jwalo, ba boholong provenseng ya Bremen e leboya bophirimela ba Germany, ba ile ba ba kgahlanong le qeto eo hobane bahanyetsi ba nnile ba hasa mashano ka Dipaki Tsa Jehova.

Ka 2015, Lekgotla le Leholo la Molao wa Motheo la Germany, le ile la bontsha hore provense ya Bremen e hatakela ditokelo tsa Dipaki Tsa Jehova. Seo se ile sa fana ka kgodiseho ya hore molao o ileng wa etswa o ne o tla di sireletsa. Ka la 21 December  2015, Bremen e ile ya qetella e dumelletse Dipaki Tsa Jehova tsa Germany hore di ngodiswe ka molao. Kamora dilemo tse nne kaofela, diphutheho tsa moo di se di na le tokelo ya ho se lefe lekgetho. Di boetse di se di na le ditokelo tse ding tse eketsehileng tseo dihlopha tse ding tsa bodumedi tsa Germany di nang le tsona.

KYRGYZSTAN | Tokelo ya ho Bolela Molaetsa wa Bibele

Ka March 2013, ba boholong toropong ya Osh, Kyrgyzstan, ba ile ba qosa Oksana Koriakina le mme wa hae Nadezhda Sergienko ka diqoso tsa leshano. Motjhotjhisi o ile a qosa Dipaki Tsa Jehova ka hore di qhekella batho ha di ntse di bolella baahelani ba tsona ka molaetsa wa Bibele, yaba moahlodi o fana ka kahlolo ya hore ba hanelwe ho tswa ka jareteng moo ba dulang ha ba ntse ba emetse hore nyewe e ye kgotla. Ka October 2014, lekgotla le ile la fumana hore ho fanwe ka bopaki ba leshano, le hore ha ho a latelwa metjha e nepahetseng, kahoo baradibabo rona ba ile ba fumanwa ba se molato. Lekgotla la boipiletso le ile la tshehetsa qeto eo ka October 2015.

Le ha ho le jwalo, motjhotjhisi e mong wa toropo ya Osh o ile a etsa boipiletso hape Lekgotleng le Phahameng la Kyrgyzstan. Lekgotla le ile la qala nyewe eo botjha, yaba le hlakola qeto eo le ileng la e nka pele. Ka April 2016, nakong eo ho neng ho mametswe nyewe, babuelli ba baradibabo rona ba ile ba kopa hore nyewe e qhalwe hobane ka molao, ho ne ho se ho fetile nako e ngata haholo ba qositswe. Kahoo, moahlodi o ile a tlameha ho qhala nyewe.

Nakong ena yohle, baradibabo rona ba ile ba dula ba e na le tshepo. Moradiwabo rona Sergienko o re: “Hangata, batho ba a kwata ha ba tshwarwa hampe, empa ha ho mohla nkileng ka ikutlwa ke sena mang we, kaha bara le baradibabo rona ba ile ba mpontsha kamoo Jehova a leng lerato a bileng a tsotellang kateng.” Baradi bao babo rona ba ile ba bona ka ho hlaka tshepiso ya Jehova e hlahang mantsweng a ho Esaia 41:10 a reng: “O se ke wa tshoha . . . Ke tla o tshwara ka tiyo ka letsoho la ka le letona la ho loka.”

KYRGYZSTAN | Ba Fumana Bolokolohi ba Bodumedi

Ka la 9 August 2015, maponesa a leshome a ile a itshohlometsa sebokeng sa phutheho se neng se kene toropong ya Osh, Kyrgyzstan. Ba ile ba laela hore seboka se tswe ka ho panya ha leihlo hobane ba ne ba re ha se molaong, ba ba ba tshosetsa ka hore ba tla thunya bara le baradibabo rona ba 40 ba neng ba le teng moo. Maponesa a ile a nka barababo rona ba 10 a ba isa seteisheneng sa maponesa, eleng moo a ileng a otla ba 9 ba bona habohloko yaba kamora moo a a ba lokolla. Matsatsi a mabedi hamorao, maponesa a ile a tshwara Nurlan Usupbaev yaba le yena a a mo otla mme a mo qosa ka hore o tshwere seboka sa bodumedi se seng molaong.

Ha Moraborona  Usupbaev a hlaha ka pela Lekgotla le Toropong ya Osh, moahlodi ha a ka a bona a le molato yaba o qhala nyewe. Motjhotjhisi o ile a ipiletsa ho Lekgotla la Sebaka le Osh, le ileng la hana boipiletso boo, le bolela hore Moraborona Usupbaev ha a molato hobane Dipaki Tsa Jehova di ngodisitswe ka molao naheng ya Kyrgyzstan.

Motjhotjhisi ha a ka a lahla thaole empa o ile a ipiletsa hape ho Lekgotla le Phahameng le Kyrgyzstan. Kamora moo, Lekgotla le ile la tiisa taba ya hore Dipaki Tsa Jehova di na le tokelo ya ho ba le diboka tsa tsona tsa bodumedi. Kahoo, nyewe e ile ya qhalwa ka March 2016 mme ho ile ha ba ha re kokololo ho Moraborona Usupbaev. Hona jwale, nyewe eo Dipaki Tsa Jehova di e butseng kgahlanong le maponesa a Osh e ntse e fanyehuwe.

RUSSIA | Bolokolohi ba Bodumedi

Ho sa tsotellehe boiteko bo entsweng ke ba boholong ba ditokelo tsa botho Russia, mmuso wa Russia o ntse o tswela pele ho hlasela Dipaki Tsa Jehova. Mmuso o thibetse dingolwa tse ding tsa rona tsa Bibele tse 88 hobane o re di fetelletsa ditaba, wa ba wa re websaete ya Dipaki Tsa Jehova ya jw.org ha e molaong. Ka 2015, basebetsi ba bodara ba ile ba hana ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e kena Russia mme lekgotla le Vyborg le ntse le sekaseka hore ebe Bibele ena le yona ha e fetelletse ditaba na. Ka March 2016, Ofisi ya Mokgenerale wa Botjhotjhisi e ile ya re etla kwala diofisi tse kgolo tsa Dipaki Tsa Jehova tse Solnechnoye, ka thoko ho St. Petersburg hobane e re ke sebaka seo ho sona, ho etswang dintho tsa bodumedi tse feteletsang ditaba.

Ho sa tsotellehe letsholo le mabifi le tsheheditsweng ke mmuso kgahlanong le Dipaki Tsa Jehova, ho bile le ditaba tse thabisang. Ka la 15 April  2016, Lekgotla le Phahameng la Mmuso wa Russia le ile la hana qeto eo Lekgotla la Sebaka le e nkileng, ya hore ho fediswe Mokgatlo wa Bodumedi wa Dipaki Tsa Jehova o Tyumen. Le ile la bona “ho se na mabaka a utlwahalang a hore Mokgatlo oo o fediswe”. Ha moahlodi ya okametseng nyewe a fana ka kahlolo, bara le baradibabo rona ba 60 ba neng ba tletse ka kgotla, ba ile ba thaba haholo ka lebaka la qeto eo ba e utlwileng.

Bahlanka ba Jehova ba dulang Russia ba ikemiseditse ho tswela pele ho mo rapela ho sa tsotellehe “sebetsa leha e le sefe se tla etswa kgahlanong le [bona].”—Esa. 54:17.

RWANDA | Tokelo ya ho Ithuta Ntle le Kgethollo ya Bodumedi

Dilemong tsa morao tjena, bana ba Dipaki Tsa Jehova ba Rwanda ba ile ba tebelwa sekolong, kaha ba ne ba hana ho etsa dintho tse itseng tsa bodumedi le ho tshehetsa mekete ya botjhaba. E le ho fedisa bothata boo, ka la 14 December  2015, mmuso o ile wa theha molao o kgahlanong le kgethollo ya bodumedi dikolong. Molao oo, o ile wa hatisa taba ya hore dikolo di hlomphe tokelo ya borapedi ya bana.

Ka la 9 June 2016, karolo ya Ditaba e hlahang ho jw.org, e ile ya ba le sehloho se reng: “Rwanda e Kgahlanong le Kgethollo ya Bodumedi Dikolong.” Taba e thabisang ke hore koranta e nngwe ya Rwanda e ile ya phatlalatsa sehloho seo Inthaneteng. Kamora nako e sa fediseng pelo, koranta eo e ile ya balwa ke batho ba fetang 3 000, mme ba bangata ba ile ba ngola kamoo ba thabetseng qeto ya mmuso kateng. Dipaki Tsa Jehova tsa Rwanda di ananela molao oo, hobane jwale bana ba se ba ka kgona ho fumana thuto ntle le kgethollo ya bodumedi.

Rwanda: Ba ile ba kgutlela sekolong

SOUTH KOREA | Letswalo la Bona le ba Thibela ho Kenela Sesole

Ho se ho fetile dilemo tse 60, barababo rona ba South Korea ba dilemo tse pakeng tsa 19 le 35 ba tjamelane le ho kenela sesole. Mmuso wa South Korea o hatella letswalo la barababo rona la ho hana ho kenela sesole mme ha o fane ka kgetho e nngwe e nkelang molao oo sebaka. Maemong a mangata, leloko kaofela ho tloha ho ntatemoholo, ntate le mora ba ne ba se na boikgethelo ha e se hore feela ba ye teronkong ho ena le ho kenela sesole.

Lekgotla la Molao wa Motheo le ile la hatisa ka ho hlaka hore Tshebeletso ya Sesole ke tsamaiso ya molao empa banna ba neng ba hloriswa ke Molao oo le makgotla a tlasana ba ile ba ipiletsa hape ho Lekgotla. Ka lebaka leo, ka la 9 July 2015, Lekgotla le ile la utlwa boipiletso boo. Morabo rona Min-hwan Kim, ya ileng a hlola dikgwedi tse 18 teronkong hobane a ile a hana ho kenela sesole, o re: “Ke ile ka otlwa haholo ha ke ntse ke le teronkong. Empa ke tshepa hore bara ba bang babo rona bona ba ke ke ba otlwa jwalo. Haeba ba dumellwa ho etsa ntho e nngwe ka ntle ho sesole, ba tla kgona ho thusa setjhaba.” Lekgotla la Molao wa Motheo le tla tloha le diha kahlolo ya lona haufinyane.

TURKMENISTAN | Bahram Hemdemov ya Tshepahalang

Morabo rona Hemdemov, ya dilemo di 53, ke ntate wa lelapa mme o na le bana ba bane. O rata tshebeletso ya Jehova ebile batho ba motseng wa habo ba ne ba mo hlompha haholo. Ka May 2015, lekgotla le ile la mo fa kahlolo ya ho etsa mosebetsi o boima teronkong, hobane ho ile ha ba le seboka sa phutheho ha hae seo lekgotla le reng ha se molaong. O teronkong e tummeng ka dintho tse mpe eo maemo a yona a sa jeseng ditheohelang, toropong ya Seydi. Ba boholong ba dula ba mo hloma dipotso le ho mo otla ha bohloko. Le ha ho le jwalo, yena le lelapa la hae ba ntse ba tshepahalla Jehova Modimo. Mosadi wa Morabo rona Hemdemov, e leng Gulzira, o ntse a mo etela kgafetsa ho ya mo kgothatsa.

Re rapella batho ba Jehova ba ntseng ba tswela pele ho tshepahala ha ba tobane le diteko. Mohlala wa bona o motle, o matlafatsa boikemisetso ba rona ba ho tshepahalla Modimo. Kahoo, re kgodisehile hore jwalokaha Pesaleme 37:28 e bolela: “A ke ke a tlohela ba tshepahalang ba hae.”