Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kyrgyzstan

DINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Ho Nehelwa Makala

Ho Nehelwa Makala

BAITHAOPI ba ile ba qeta selemo le halofo ba sebetsa ka thata ho lokisa le ho eketsa mehaho ya lekala e Bishkek, Kyrgyzstan. Ka la 24 October  2015, mehaho eo e ile ya nehelwa, kgwedi feela kamora hore mosebetsi o qetwe. Batho ba fetang 3 000 ba ne ba mametse puo e ileng ya fanwa. Puo eo e ile ya mamelwa Diholong tsa Mmuso tse 18 le dibakeng tse ding hape tse 5. Morabo rona Stephen Lett wa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo e monate e neng e ena le sehlooho se reng “Sebeletsa Jehova ka Pelo e Felletseng.” Letsatsi le latelang, ho ile ha eba le lenaneo le ileng la mamelwa ke bara le baradibabo rona kaofela naheng eo.

Lekala la Kyrgyzstan

Ka Moqebelo wa la 14 May 2016, batho ba 6 435 ba ne ba le teng ha ho nehelwa ofisi ya lekala la Armenia, e nang le mekato e 6 mohahong wa mekato e 18. Ho ile ha ba ha nehelwa Holo ya Kopano le moo ho tla tshwarelwa Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso. Ha dipuo di ntse di tswela pele, ho ile ha buuwa ka histori ya Dipaki Tsa Jehova tsa Armenia. Ha hlaloswa hore batho ba Armenia ba ile ba qala ho utlwa nnete ha ba le United States, maqalong a dilemo tsa bo1900 mme mahareng a bo1970 tsa fihla naheng ya Armenia. Ka nako eo Amernia e ne entse e le tlasa mmuso wa Soviet Union. Morao tjena, mokgatlo o ile wa ngodiswa ka molao mme hwa etswa le ofisi ya lekala. Ba bangata ba ne ba sa nahana hore ho se ho fihletswe dintho tse ngata jwalo Amernia. Ntho e bileng monate le ho feta, ke ha batho ba neng ba le teng moo ba dumella Morabo rona David Splane wa Sehlopha se Busang hore a nehele mehaho eo e metle ho Jehova.

Armenia

Ka hodimo: Ho nehelwa lekala la Amernia

Mahareng: Bara le baradibabo rona ba lenaneong le kgethehileng

Ka fatshe: Jaefe ya setso sa Armenia letsatsing la lenaneo le kgethileng