Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DULANG LE LEBETSE!

Dipaki Tsa Jehova le Bajuda ba Ileng ba Bolawa ka Sehloho Ntweng ya II ya Lefatshe​—Bibele e Reng ka Taba Ee?

Dipaki Tsa Jehova le Bajuda ba Ileng ba Bolawa ka Sehloho Ntweng ya II ya Lefatshe​—Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Ka la 27 January 2023, batho ba bangata ba tla be ba ikgopotsa letsatsi la ha ho ne ho bolawa batho ka sehloho Ntweng ya II ya Lefatshe (International Holocaust Remembrance Day). Dintho tse sehloho le tse tshosang tse ileng tsa etsahala dilemo tse 75 tse fetileng, di etsa hore batho ba ipotse hore na ke hobaneng ha Modimo a ile a dumella hore batho ba bolawe ka sehloho hakaale.

 Bajuda ba bangata e ile ya eba mahlatsipa a polao ena mme ba dimilione ba ile ba bolawa ka morero. Batho ba bang le bona ba ile ba hloriswa le ho bolawa ntweng ena ya II ya Lefatshe. Ba bang ba bona e ne e le Dipaki Tsa Jehova, di ne di hlorisetswa seo di se dumelang Bibeleng.

“Tshepo ka bokamoso”

 Batho ba bangata ba tshoha hore ntwa e tshwanang le ena e ka etsahala hape. Taba e thabisang ke hore Bibele e tshepisa hore nakong e tlang mathata a tshwanang le ana ha a sa tla hlola a eba teng.

  •   “Jehova o re: ‘Ke tseba hantle hore na ke tla le etsetsang. Ke tla le tlisetsa kgotso eseng tlokotsi, e le hore le be le tshepo le bokamoso bo tjhabileng.”​—Jeremia 29:11. a

 Tshepiso ena e tla phethahala ha Jehova a fedisa dintho tse bohloko. Haufinyane o tla:

 Ke hobaneng ha o lokela ho tshepa ditshepiso tseo Bibele e re tshepisang tsona? E le hore o fumane karabo, re kopa hore o ithute Bibele le rona mahala.

a Jehova ke lebitso la Modimo.​—Pesaleme ya 83:18.