Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KENG E KA RE THUSANG HO MAMELLA MATHATA?

4 | Eba le Tshepo ya Hore Dintho di Tla Loka

4 | Eba le Tshepo ya Hore Dintho di Tla Loka

SEO E LENG SA BOHLOKWA

Ho tshwenyeha ka mathata a lefatshe ho ka ama batho mmeleng le kelellong. Batho ba bangata ba ileng ba angwa ke diketsahalo tsena ha ba na tshepo ya hore dintho di tla loka. Ba etsang ha boemo boo bo hlaha?

  • Batho ba bang ba tshaba le ho nahana ka bokamoso.

  • Batho ba bang ba sebedisa tahi le dithethefatsi e le ho itebatsa mathata a bona.

  • Ha ba bang ba nahana hore ho shwa ho molemo ho feta ho phela. Ba ipotsa hore na ba sa phelelang ebe ba etsa qeto ya ho ipolaya.

Seo o Lokelang ho se Tseba

  • A mang a mathata a hao e ka ba a nakwana mme a ka fetoha o sa lebella.

  • Le haeba boemo ba hao bo sa fetohe ho na le dintho tseo o ka di etsang tse ka o thusang hore o mamelle.

  • Bibele e a tshepisa hore ho na le tharollo bakeng sa mathata ohle a moloko wa batho.

Seo o ka se Etsang Hona Jwale

Seo Bibele e se buang: “Ka hoo, le ka mohla le se ke la tshwenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etswe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matshwenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanwa ke bobe ba lona.”​—Matheu 6:34.

O se ke wa tshwenyeha ka bokamoso hoo o sitwang ho etsa dintho tseo o lokelang ho di etsa.

Ho tshwenyeha ka dintho tse mpe tse ka nnang tsa o etsahalla ho ka o bakela kgatello ya maikutlo mme ha fokodisa tshepo eo o nang le yona bakeng sa bokamoso.

Bibele e Fana ka Tshepo

Mopesaleme ha a rapela Modimo o ile a re: “Lentswe la hao ke lebone la leoto la ka, ke lesedi tseleng ya ka.” (Pesaleme ya 119:105) Ke jwang Bibele e leng lebone le lesedi?

Bosiu lebone le re thusa ho bona moo re tsamayang teng. Ka tsela e tshwanang, Bibele e ka re fa bohlale bo ka re thusang ha re lokela ho etsa diqeto tse boima.

Lesedi le ka re kgantshetsa tsela e le hore re bone moo re yang. Ka tsela e tshwanang, Bibele e ka re thusa hore re be le tshepo ka bokamoso.