Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Keng e ka re Thusang ho Mamella Mathata?

Keng e ka re Thusang ho Mamella Mathata?

Na mathata a lefatshe a mangata haholo hoo a o amang ho feta pele? Na dintho tsee tse latelang di a etsahala moo o phelang?

  • dintwa

  • mafu a sewa

  • dikoduwa tsa tlhaho

  • bofutsana

  • kgethollo

  • tlolo ya molao

Ha mathata a hlaha batho ba bangata ba a tshoha ebile ba fellwa ke tshepo. Batho ba bang bona ha ba hlahelwa ke dintho tse ba utlwisang bohloko ba fellwa ke matla. Le ha ho le jwalo, ha re tobana le mathata, ho tshoha le ho fellwa ke matla ho ka mpefatsa maemo le ho feta.

Ha ho hlaha mathata, o tlameha ho etsa qeto hanghang mme o sireletse dintho tsa bohlokwa ho wena e leng batho bao o ba ratang, bophelo ba hao, mokgwa wa boiphediso le hore o dule o thabile.

O ka etsang e le ho fokotsa ditlamorao tsa mathata a o hlahelang?