Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ntho e Ikgethang ka Nonyana e Bitswang Tern

Ntho e Ikgethang ka Nonyana e Bitswang Tern

PELE ho ne ho dumelwa hore dinonyana tsena tse bitswang tern, di ne di ka kgona ho fofa dikhilomitara tse 35 200. Hothwe di ne di nka leeto le jwalo, ho tloha moo ho batang ho ya Antarctica le ho kgutla. Empa diphuputso tse entsweng morao tjena, di bontsha hore dinonyana tsena di kgona ho fofa dikhilomitara tse fetang moo.

Ha tern e falla, ha e nke tsela e otlolohileng jwalo ka ha setshwantsho se bontsha

Diphuputso tsena, di re dinonyana tsena di ile tsa kenngwa ntho e neng e tla bontsha hore na di fofa sebaka se se kae. Ntho eo e ile ya bontsha hore dinonyana tse ding, di ne di ka kgona ho fofa dikhilomitara tse ka bang 90 000 ho ya le ho kgutla, e leng leeto le le telele ka ho fetisisa. Nonyana e nngwe e ile yaba ya fofa dikhilomitara tse ka bang 96 000.

Ho sa tsotellehe hore na dinonyana tsena di qala leeto la tsona kae, mokgwa tsona di a potoloha ha di fofa, ha di nke tsela e otlolohileng. Jwalo ka ha ho bontshitswe setshwantshong se ka hodimo. Lebaka la sena ke hore di nka monyetla ka moya o fokang.

Dinonyana tsena di ka phela dilemo tse ka bang 30, mme ho bonahala hore di ka kgona ho fofa dikhilomitara tse dimilione tse 2.4. E leng sebaka sa ho tloha mona ho ya kgweding ka makgetlo a mane. Mofuputsi e mong o ile a re: “Ho a makatsa, hore e be nonyana e ka bang dikramo tse fetang 100, e kgona ho nka leeto le le kanakana.” Ntho e nngwe hape ke hore dinonyana tsena di kgona ho fumana letsatsi dikarolong tsohle tseo di fofelang ho tsona. Buka ya Life on Earth: A Natural History e re: Di “fumana tjhabo ya letsatsi selemo le selemo ho feta phoofolo le ha e le e fe.”