Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PUISANO | RAJESH KALARIA

Ngaka ya Mafu a Boko e Hlalosa Tumelo ya Yona

Ngaka ya Mafu a Boko e Hlalosa Tumelo ya Yona

RAJESH Kalaria eo e leng profesa Yunivesithing ya Newcastle e England, o ithutile ka boko ba motho ka dilemo tse fetang tse 40. Pele o ne a dumela hore dintho di iphetotse. Empa hamorao, o ile a fetola pono ya hae. Bangodi ba makasine ena ya Fadimehang! ba ile ba mo botsa ka mosebetsi wa hae le tumelo ya hae.

O ne o le bodumeding bofe pele?

Ntate wa ka o hlahetse India mme le hoja mme wa ka le yena e le Moindia, o hlahetse kwana Uganda. E ne e le Mahindu. Lapeng ke wa bobedi ho bashanyana ba bararo. Re ne re dula motsemoholo wa Kenya o bitswang Nairobi. Baahisane ba rona ba bangata, le bona e ne e le Mahindu.

Keng e o susumeleditseng hore o rate saense?

Ke ne ke rata diphoofolo mme ka nako tse ngata, ke rata ho itsamayela le metswalle ya ka ho a boha botle ba diphoofolo tse hlaha. Maikemisetso a ka e ne e le ho ba ngaka ya diphoofolo. Empa eitse ka mora hore ke qete koletjeng Nairobi, ke ha ke ya England moo ke ileng ka ithutela ho ba ngaka ya boko Yunivesithing ya London. Yaba ke qetella ke se ke le ngaka ya boko.

Na ho na le moo bodumedi ba hao bo neng bo kopana teng le seo o ithutang sona?

Ee. Ha ke ntse ke kenya hlooho saeseng, ke ile ka fumana ho ba thata le ho feta hore ke dumele mekgweng le meetlong ya Sehindu. Jwalo ka ho rapela diphoofolo le ditshwantsho.

Ke hobaneng ha o ile wa dumela thuto ya hore dintho di a iphetola?

Ha ke sa le monyane, batho ba bangata ba ne ba dumela hore thuto ya hore batho ha ba a boptjwa, e qadile Africa mme re ne re dula re buisana ka yona sekolong. Hape matitjhere le boprofesa diyunivesithing mona, ba ne ba re ruta hore re lokela ho dumela thutong ena hobane esita le borasaense ba tsheptjwang, ba ne ba dumela ho yona.

Ke hobaneng ha o ile wa fetola monahano wa hao tabeng ee?

Ke ne ke se ke ithutile baeloji ka dilemo tse mmalwa, ha moithutimmoho le nna a njwetsa ka seo a ithutileng sona ka Bibele ho Dipaki Tsa Jehova. Ke ile ka utlwa ke na le thahasello. Ka hona, ka ya kopanong ya Dipaki Tsa Jehova e neng e kenetse koletjheng ya rona Nairobi. Nakwana ka mora moo, barumuwa ba babedi ba Dipaki Tsa Jehova ba ile ba ntlhalosetsa dithuto tse ding tse rutwang ke Bibele. Ba mpolella hore ho na le Mmopi wa dintho tsohle ya nang le dikarabo tsa dipotso tsa bohlokwa bophelong. Ke ile ka utlwa hore jwale ena ke nnete.

Na tsebo ya hao ka meriana e ile ya o sitisa hore o dumele popong?

Le letho! Ha ke ntse ke ithuta ka sebopeho sa dintho, ke ile ka bona kamoo di hlophisitsweng le ho etswa ka makgethe kateng. Jwale ke ile ka utlwa e le ntho e se nang kelello ho dumela hore ntho e jwalo e ka iketsahallang feela tjee.

Ako re etsetse mohlala

Ke qadile ho ithuta ka boko ho tloha ka 1970 mme ha esale ke hlollwa ke tsela eo bo sebetsang ka yona. Ke mohlodi wa monahano le mohopolo ebile ke setsi sa ditho tsohle tsa mmele. Bo boetse bo fepela ditho tsohle tsa mmele molaetsa o tswang kantle ho mmele kapa ka hare ho ona.

Boko ba rona bo sebetsa ka tsela e hlollang tjena ka lebaka la disele tsa kutlo tse teng. Boko ba motho bo na le disele tsa kutlo tse dibilione mme e le nngwe, e kgona ho hokahanya tse ding kaofela ebe puisano e ba e ntle. Le hoja, kgokahano e teng ka bokong e le e kgolo, tsela eo disele tsa kutlo di sebetsang ka yona, e hlophisehile. Tsena tsohle di etsahala ka tsela e makatsang.

Re kopa o hlalose.

Tsela eo ngwana a holang ka yona ha a le ka popelong le ha a qeta ho hlaha, ka nnete e a makatsa. Disele di romela molaetsa karolong e itseng ya disele tse ikarabellang.

Hang ha molaetsa o fihla, ho na le dikhemikhale tse bolellang disele hore di eme, di tsamaye kapa di tjeke, ho fihlela molaetsa o fihla diseleng tsane tse ikarabellang. Ho hlakile hore ha e ne e se ka tlhophiso e tjena, molaetsa o ne o ka lahleha. Ketsahalo ena e hlophisitsweng ka makgethe hakana, e qadile ka ditaelo tse ngotsweng ka hara DNA.

Jwale re a hlokomela hore le ka mohla, re ke ke ra hlola re utlwisisa hantle hore na boko bo sebetsa jwang. Ho akarelletsa kamoo bo hopolang kateng, bo susumetsang maikutlo le menahano kateng. Ho nna, taba ya hore ebe boko bo entswe ka boqhetseke bo bo kanakana, ho etsa hore ke hlokomele hore bo qapuwe ke motho e mong ya phahameng.

Ke hobaneng ha o ile wa ba Paki ya Jehova?

Dipaki Tsa Jehova di ile tsa mpontsha bopaki ba hore Bibele e fela e le Lentswe la Modimo. Ka mohlala, Bibele ha se buka ya saense, empa ha e bua ka ditaba tsa saense e nepahetse. Ebile boprofeta ba yona bo a phethahala. Hape e fetola bophelo ba batho ba sebedisang melaomotheo ya yona. Ke paki e boneng seo ka mahlo. Ho tloha ha ke ba Paki ya Jehova ka 1973, haesale Bibele e le motataisi wa ka. Ka lebaka leo, bophelo ba ka bo ile ba ntlafala mme ya e ba bo kgotsofatsang.