Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Modimo o a o Kgathalla”

“Modimo o a o Kgathalla”

Le hoja batho kaofela ba ka o fetohela, ho na le motho a le Mong Feela ya ke keng a o fetohela. Ke mang?

Morena Davida o ile a re: “Haeba ntate le mme ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.”—Pesaleme ya 27:10.

Jehova ke “Ntate wa mehauhelo e bonolo le Modimo wa matshediso ohle, ya re tshedisang matshwenyehong ohle a rona.”—2 Bakorinthe 1:3, 4.

“Lahlela matshwenyeho ohle a lona ho yena, hobane wa le tsotella.”—1 Petrose 5:7.

E le hore o fumana dintlha tse ding mabapi le hore na Modimo o a o kgathalla, re kopa o shebe kgaolo ya 12 bukeng ya Bibele e re Rutang? e hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova. O ka boela wa e fumana ho www.mt711.com