Lengolo le Eang ho Baroma 10:1-21

  • Ho etsa seo Molimo a nkang hore se nepahetse (1-15)

    • Ho bolella ba bang ka tumelo (10)

    • Ea tšepetseng lebitsong la Jehova o tla pholoha (13)

    • A matle hakaakang maoto a ba bolelang litaba tse monate (15)

  • Batho ba hana ho mamela litaba tse monate (16-21)

10  Bana beso, takatso ea pelo ea ka le thapelo e matla eo ke e etsang ho Molimo bakeng sa batho ba heso ke hore ba pholosoe.+  Kea ba pakela hore ba chesehela Molimo+ empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.  Kaha ha ba tsebe hore na Molimo o re ke eng e nepahetseng,+ ba etsa lintho tseo bona ba nahanang hore li nepahetse.+ Kahoo, ha ba mamele melao ea Molimo e bontšang hore na ke eng e nepahetseng.+  Kreste o felisitse Molao+ e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo a ka nkoa a lokile.+  Moshe o ile a re motho ea etsang lintho tse nepahetseng ho ea ka Molao o tla phela.+  Empa ha lentsoe la Molimo le bua ka motho ea lokileng hobane a bontša tumelo le re: “U se ke oa re ka pelong ea hao,+ ‘Ke mang ea tla nyolohela leholimong?’+ Ke hore ke mang ea tla nyolohela leholimong a theole Kreste?  Hape u se ke oa re: ‘Ke mang ea tla theohela botebong ba lefatše?’+ Ke hore a e’o tsosa Kreste bafung?”  Mangolo a re’ng? A re: “Lentsoe le haufi le lona, le melomong ea lona ’me le ka lipelong tsa lona.”+ Lentsoe leo ke molaetsa oo re o bolelang o hlokang hore batho ba be le tumelo.  Haeba u bolela phatlalatsa hore Jesu ke Morena+ ebile u lumela ka pelong ea hao hore Molimo o mo tsositse bafung, u tla pholoha. 10  Ha motho a bontša tumelo e tsoang pelong, e ba motho ea lokileng empa ha a bolella ba bang ka tumelo ea hae+ o tla pholoha. 11  Etsoe Mangolo a re: “Mang kapa mang ea lumelang ho eena a ke ke a phoqeha.”+ 12  Ha ho na phapang pakeng tsa Mojuda le Mogerike.+ Kaofela ha rona re na le Morena a le mong ea thusang bohle ba kopang thuso. 13  Etsoe “e mong le e mong ea tšepetseng* lebitsong la Jehova* o tla pholoha.”+ 14  Leha ho le joalo, ba tla mo tšepa joang empa ba sa lumele ho eena? Hape ba tla lumela ho eena joang empa ba e-s’o ka ba utloela ka eena? Hape ba tla tseba ka eena joang ho se ea ba bolellang? 15  Hape ba tla bolela joang empa ho se ea ba rommeng?+ Etsoe Mangolo a re: “A matle hakaakang maoto a ba bolelang litaba tse monate!”+ 16  Leha ho le joalo, ha se bohle ba ileng ba mamela litaba tseo. Etsoe Esaia o re: “Jehova,* ke mang ea lumetseng ntho eo re e tlalehileng?”+ 17  Kahoo, motho o ba le tumelo ka mor’a hore a utloe lentsoe+ ’me lentsoe leo le utluoa ha motho e mong a bua ka Kreste. 18  Na Baiseraele ha baa ka ba utloa? E, ba ile ba utloa. Ebile Mangolo a re: “Batho lefatšeng lohle ba utloile molaetsa oo ’me oa fihla le likarolong tse hole tsa lefatše.”+ 19  Ke boetse kea botsa, na Baiseraele ba ne ba sa tsebe?+ Moshe o ile a qala ka ho re: “Ke tla etsa hore u halefele batho bao e seng sechaba sa ka, ke tla u khopisa ka sechaba se se nang kelello.”+ 20  Esaia eena o ile a bua ka sebete a re: “Ke ile ka fumanoa ke ba sa mpatleng+ ’me ka tsejoa ke ba neng ba sa batle ho ntseba.”+ 21  Empa ha a bua ka Baiseraele o re: “Ke otlolotse matsoho a ka letsatsi lohle bakeng sa sechaba sena se manganga le se sa mameleng.”+

Linaletsana

Kapa: “ipiletsang.”