Lengolo le Eang ho Baroma 5:1-21

  • Re metsoalle le Molimo ka lebaka la Kreste (1-11)

  • Lefu le teng ka Adama, bophelo bo teng ka Kreste (12-21)

    • Sebe le lefu tsa namela ho batho bohle (12)

    • Ketso e le ’ngoe e lokileng (18)

5  Ka hona, kaha joale re nkoa re lokile ka lebaka la tumelo,+ a re thabeleng khotso* eo re nang le eona le Molimo ka Morena oa rona Jesu Kreste.+  Tumelo eo re nang le eona ho Jesu e re fa monyetla oa ho atamela ho Molimo le ho thabela mosa* oa hae.+ A re thabeng* hobane re na le tšepo ea hore re tla tlotlisoa ke Molimo.*  Hape a re thabeng* leha re e-na le mathata+ kaha rea tseba hore mathata a etsa hore re be le mamello,+  mamello eona e etsa hore Molimo a re amohele+ ’me ha Molimo a re amohela re ba le tšepo.+  Tšepo ha e soetse+ hobane Molimo o sebelisa moea o halalelang oo a re fileng oona ho bontša hore oa re rata.+  Etsoe Kreste o ile a shoela batho ba sa lokang ka nako e behiloeng. O ile a re shoela ha re ntse re le baetsalibe.*+  Ho thata hore mang kapa mang a shoele motho ea lokileng empa mohlomong motho a ka batla ho shoela motho ea molemo.  Empa Molimo o bontšitse hore oa re rata ka hore ebe Kreste o ile a re shoela re ntse re le baetsalibe.+  Kaha joale re nkoa re lokile ka lebaka la mali a Jesu,+ re ka kholiseha le ho feta hore re tla pholosoa khalefong ea Molimo.+ 10  Le hoja re ne re le lira tsa Molimo, re ile ra ba metsoalle ea hae* ka lebaka la lefu la mora oa hae.+ Kaha joale re se re le metsoalle ea* Molimo, re ka kholiseha le ho feta hore re tla pholosoa ka bophelo ba Jesu. 11  Rea thaba ka lebaka la ntho eo Molimo a re etselitseng eona ka Morena oa rona Jesu Kreste hobane re se re le metsoalle ea Molimo ka lebaka la hae.+ 12  Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong ’me sa tlisa lefu.+ Kahoo, lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.+ 13  Sebe se bile teng lefatšeng pele ho Molao. Leha ho le joalo, ha ho na motho ea ka qosoang ka hore o entse sebe ha ho se na molao.+ 14  Lefu le ile la busa e le morena ho tloha mehleng ea Adama ho ea mehleng ea Moshe, la busa batho bohle le hoja ba ne ba sa etsa sebe joaloka Adama. Adama o ne a tšoana le ea neng a tla tla.+ 15  Mpho ea Molimo ha e tšoane le sebe sa Adama. Batho ba bangata ba ile ba shoa ka lebaka la sebe sa motho a le mong. Empa mosa oa Molimo le mpho eo Molimo a fanang ka eona ka lebaka la mosa oa motho a le mong+ e leng Jesu Kreste li kholo haholo. Molimo o tla sebelisa mpho ena ho tlisetsa batho ba bangata litlhohonolofatso tse ngata.+ 16  Hape mpho ea Molimo le sebe sa motho a le mong li fapana ka tsela ena:+ Sebe sa motho a le mong se entse hore batho bohle ba nkoe ba le molato+ empa mpho eo Molimo a faneng ka eona ka mor’a hore ho etsoe libe tse ngata e entse hore batho ba bangata ba nkoe ba lokile.+ 17  Lefu le ile la busa e le morena ka lebaka la motho a le mong.+ Empa re ka kholiseha le ho feta hore batho bao Molimo a tla ba bontša mosa le ho ba fa mpho ea ho loka+ ba tla busa e le marena+ ka lebaka la motho a le mong e leng Jesu Kreste.+ 18  Joalokaha batho bohle ba ile ba nkoa ba le molato ka lebaka la sebe se le seng,+ ka tsela e tšoanang ka lebaka la ketso e le ’ngoe e lokileng, batho bohle+ ba nkoa ba lokile ’me ba fumana bophelo.+ 19  Joalokaha ho se mamele ha motho a le mong ho ile ha etsa hore ba bangata e be baetsalibe,+ ka ho tšoanang ho mamela ha motho a le mong ho tla etsa hore ba bangata e be ba lokileng.+ 20  Molao o bile teng ho bontša hore na batho ke baetsalibe hakae.+ Empa ha ho ntse ho hlaka hore na sebe se sengata hakae, mosa oa Molimo oa ’na oa eketseha le ho feta. 21  Joalokaha sebe se ile sa busa e le morena ’me sa tlisa lefu,+ ka ho tšoanang le mosa oa Molimo o busa e le morena ka ho loka, ka tebello ea hore bophelo bo sa feleng bo tla ba teng ka Jesu Kreste Morena oa rona.+

Linaletsana

Kapa mohlomong: “re na le khotso.”
Kapa mohlomong: “Rea thaba.”
Ka Segerike: “fumana khanya ea Molimo.”
Kapa mohlomong: “rea thaba.”
Ka Segerike: “fokola.”
Ka Segerike: “khutliselitsoe ho.”
Ka Segerike: “ra khutlisetsoa ho eena.”