Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA BOHLANO

“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”

“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”

1, 2. (a) Ruthe o ne a etsa mosebetsi ofe? (b) Ke lintho life tse molemo tseo Ruthe a ileng a ithuta tsona ka Molao oa Molimo le ka batho ba hae?

RUTHE o ile a khumama pel’a ngata ea litlhaka tsa harese tseo a neng a li khoahlapisitse motšehare. Letsatsi le ne le ea malikelong masimong a Bethlehema ’me basebetsi ba bangata ba ne ba se ba ntse ba nyolosa butle-butle ho leba hekeng ea motsana o eralleng le haufi. E tlameha ebe Ruthe o ne a khathetse haholo ka mor’a ho sebetsa ka thata letsatsi lohle. Ho sa tsotellehe seo, ha aa ka a tlohela ho sebetsa, o ile a nka molamu ’me a pola seo a se khoahlapisitseng. Le hoja mosebetsi o ne o le boima, Ruthe o bile le letsatsi le monate ho feta kamoo a neng a ka nahana kateng.

2 Na ebe lintho li ne li qala ho tsamaela mohlolohali eo e mocha hantle? Joalokaha re bone khaolong e fetileng, o ne a ikhethetse ho tsamaea le ’m’ae matsale, Naomi, a ikanne hore a ke ke a khaohana le eena le hore Molimo oa Naomi, e leng Jehova, e tla ba Molimo oa hae. Basali bana ba babeli ba bahlolohali ba ne ba tlile hammoho Bethlehema ba tsoa naheng ea Moabe ’me Ruthe oa Momoabe o ile a hlokomela kapele hore Molao oa Jehova o na le litokisetso tse molemo le tse babatsehang bakeng sa Baiseraele ba futsanehileng le balichaba. Ho feta moo, o ile a bona hore batho ba bang ba Jehova ba neng ba phela ka Molao le ba neng ba koetlisitsoe ke ’ona ba ne ba bontša ka boitšoaro ba bona le ka mosa oa bona hore ba latela melao ea Jehova ’me seo se ile sa thoba maqeba a pelo ea hae.

3, 4. (a) Boaze o ile a khothatsa Ruthe joang? (b) Mohlala oa Ruthe o ka re thusa joang nakong ena eo ho leng thata moruong?

3 E mong oa batho bao e ne e le Boaze, monna ea hōlileng oa morui eo Ruthe a neng a khoahlapisa masimong a hae ’me o ne a mo hlokometse joaloka ntate letsatsing leo. Ruthe o ne a thabile ha a nahana ka tsela e mosa eo Boaze a ileng a mo babatsa ka eona ka hore o hlokomela Naomi ea tsofetseng le hore o batlile tšireletso tlas’a mapheo a Molimo oa ’nete, Jehova.—Bala Ruthe 2:11-14.

4 Leha ho le joalo, mohlomong Ruthe o ne a ipotsa hore na bophelo bo tla ba joang nakong e tlang. Kaha e ne e le molichaba oa mofutsana ea se nang monna kapa ngoana, eena le Naomi ba ne ba tla iphelisa ka eng ha lilemo li ntse li e-ea? Na ho khoahlapisa feela ho ne ho tla ba jara? Hona ke mang ea neng a tla mo hlokomela ha a se a tsofetse? Ho ne ho utloahala hore a tšoenyehe ka lintho tse joalo. Nakong ena eo ho leng thata moruong, ba bangata ba tšoenngoa ke lintho tse joalo. Ha re ntse re ithuta kamoo tumelo ea Ruthe e ileng ea mo thusa kateng mathateng ana, re tla fumana lintho tse ngata tseo re ka mo etsisang ho tsona.

Lelapa la Sebele ke le Joang?

5, 6. (a) Ruthe o ile a finyella eng letsatsing la pele la ho khoahlapisa tšimong ea Boaze? (b) Naomi o ile a re’ng ha a bona Ruthe?

5 Ha Ruthe a qeta ho pola ’me a bokella sohle seo a se khoahlapisitseng, o ne a khoahlapisitse hoo e ka bang efa ea harese, kapa lilithara tse 22 tsa harese e ommeng. Mohlomong boima ba eona e ne e ka ba lik’hilograma tse 14! Mohlomong o ile a e phahamisetsa holimo hore a e roale hloohong a e phuthetse ka lesela ’me ka mor’a moo a kena tseleng e eang Bethlehema ha letsatsi le ea malikelong.—Ruthe 2:17.

6 Naomi o ile a thaba ha a bona ngoetsi ea hae eo a e ratang ’me mohlomong a makala ha a bona seshoba sa Ruthe se boima sa harese. Ruthe o ne a boetse a tlile le lijo tse setseng ho tseo Boaze a neng a li lokiselitse basebetsi, kahoo Ruthe le Naomi ba ile ba ja hammoho. Naomi o ile a botsa: “U ile ua khoahlapisa hokae kajeno, ’me u ile ua sebetsa hokae? E se eka ea ileng a u ela hloko a ka hlohonolofatsoa.” (Ruthe 2:19) Taba ea hore Ruthe o ne a nkile moroalo o boima, e ile ea etsa hore Naomi a hlokomele hore ho ne ho e-na le motho ea neng a etse mohlolohali eo e mocha hloko le ea ileng a mo tšoara ka mosa.

7, 8. (a) Naomi o ne a lumela hore mosa oo Boaze a o bontšitseng o ne o hlaha ho mang, hona hobane’ng? (b) Ruthe o ile a boela a bontša lerato ka botšepehi ho ’m’ae matsale joang?

7 Ba ile ba qala ho qoqa ’me Ruthe a bolella Naomi kamoo Boaze a bileng mosa kateng. Naomi o ile a thaba eaba o re: “E se eka a ka hlohonolofatsoa ke Jehova, ea sa tlohelang mosa oa hae o lerato ho ba phelang le ho bafu.” (Ruthe 2:19, 20) O ile a nka hore mosa oo Boaze a o bontšitseng o ne o tsoa ho Jehova, ea susumelletsang bahlanka ba hae hore ba fane ka seatla se bulehileng le ea tšepisang hore o tla putsa batho ba hae ha ba bontša mosa. *Bala Liproverbia 19:17.

8 Naomi o ile a khothalletsa Ruthe hore a amohele tlhahiso ea Boaze ea hore a ’ne a khoahlapise masimong a hae le hore a be haufi le basali ba bacha ba ntlo ea hae e le hore a qobe ho tšoenngoa ke bakotuli. Ruthe o ile a mamela keletso eo. Ho feta moo, “a ’na a lula le ’m’ae matsale.” (Ruthe 2:22, 23) Mantsoeng ana, re boetse re bona tšobotsi e hlaheletseng eo Ruthe a tsebahalang ka eona—e leng ho bontša lerato ka botšepehi. Mohlala oa hae o ka re susumelletsa hore re ipotse hore na re boloka maqhama a malapa a rōna a ntse a le matla na, ka hore ka botšepehi re tšehetse baratuoa ba rōna re be re ba thuse ha ba hloka thuso ea rōna. Kamehla Jehova oa hlokomela ha batho ba bontšana lerato ka botšepehi.

Mohlala oa Ruthe le oa Naomi o re hopotsa hore re ananele malapa a rōna

9. Re ka ithuta eng ka lelapa ho Ruthe le Naomi?

9 Na Ruthe le Naomi e ne e se lelapa? Batho ba bang ba nka ho re, hore ebe lelapa ke la sebele le tlameha ho ba le ntate, ’mè, mora, morali, ntate-moholo le nkhono joalo-joalo. Empa Ruthe le Naomi ba re hopotsa hore bahlanka ba Jehova ba ka bula lipelo tsa bona ’me ba etsa hore esita le malapa a manyenyane ka ho fetisisa a khone ho ba mofuthu, ho bontšana mosa le lerato. Na u ananela lelapa leo u leng ho lōna? Jesu o ile a hopotsa balateli ba hae hore le batho ba se nang mang-oe! ba ka fumana lelapa ka phuthehong ea Bokreste.—Mar. 10:29, 30.

Ruthe le Naomi ba ne ba thusana le ho khothatsana

“Ke e Mong oa Barekolli ba Rōna”

10. Naomi o ne a batla ho thusa Ruthe joang?

10 Ho tloha ha ho kotuloa harese ka April ho fihlela ho kotuloa koro ka June, Ruthe o ile a ’na a khoahlapisa masimong a Boaze. Ha libeke li ntse li feta, ha ho pelaelo hore Naomi o ne a ntse a nahana hore na a ka etsetsa ngoetsi ea hae eo a e ratang eng. Ha ba le Moabe, Naomi o ne a kholisehile hore a ke ke a khona ho thusa Ruthe hore a fumane monna e mong. (Ruthe 1:11-13) Empa joale o ne a se a qala ho nahana ka tsela e ’ngoe. O ile a bua le Ruthe a re: “Morali oa ka, na ha kea tšoanela ho u batlela sebaka sa phomolo?” (Ruthe 3:1) Mehleng eo, ho ne ho tloaelehile hore batsoali ba fumanele bana ba bona balekane ’me Naomi o ne a se a nka Ruthe joaloka morali oa hae. O ne a batla ho fumanela Ruthe “sebaka sa phomolo”—e leng botsitso le tšireletseho tse ka fumanoang ka ho ba le lelapa le monna. Ebe Naomi o ne a tla etsa joang?

11, 12. (a) Naomi o ne a bua ka tokisetso efe ea Molao oa Molimo ha a ne a re Boaze ke “morekolli”? (b) Ruthe o ile a ikutloa joang ka keletso ea ’m’ae matsale?

11 Ha Ruthe a bua ka Boaze ka lekhetlo la pele, Naomi o ile a re: “Monna eo o amana le rōna. Ke e mong oa barekolli ba rōna.” (Ruthe 2:20) Seo se ne se bolela’ng? Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele o ne o akarelletsa litokisetso tse lerato bakeng sa malapa a neng a tobana le linako tse thata ka lebaka la bofutsana le ho shoeloa. Haeba mosali e ne e e-ba mohlolohali pele a e-ba le ngoana, o ne a utloa bohloko haholo hobane lebitso la monna oa hae, e leng leloko la hae, le ne le sa kenyelletsoe melokong e latelang. Leha ho le joalo, Molao oa Molimo o ne o lumella mor’abo monna ea shoeleng hore a nyale mohlolohali eo e le hore a ka beleha mojalefa ea ka tsosang lebitso la monna oa hae ea shoeleng le ho hlokomela thepa ea lelapa. *Deut. 25:5-7.

12 Naomi o ile a bolella Ruthe seo a neng a tla se etsa. U ka inahanela feela kamoo Ruthe a neng a maketse kateng ha ’m’ae matsale a ntse a bua! Molao oa Iseraele o ne o sa le mocha ho Ruthe ’me ha ho pelaelo hore o ne a sa tsebe litloaelo tse ngata tsa oona. Ho ntse ho le joalo, o ne a hlompha Naomi haholo kahoo o ile a mamela lentsoe le leng le le leng la hae ka hloko. E ka ’na eaba seo Naomi a ileng a mo eletsa hore a se etse se ne se ka etsa hore a se ke a phutholoha kapa sa mo hlabisa lihlong—se ne se bile se ka mo tlotlolla—ho ntse ho le joalo, Ruthe o ile a lumela. Ka boikokobetso o ile a re: “Ke tla etsa sohle seo u mpolellang sona.”—Ruthe 3:5.

13. Re ithuta’ng ho Ruthe mabapi le ho amohela keletso ea batho ba baholo? (Sheba le Jobo 12:12.)

13 Ka linako tse ling ho thata hore bacha ba mamele keletso ea batho ba baholo bao e leng khale ba li bona. Bacha ba ka ’na ba nka hore ha e le hantle batho ba baholo ha ba utloisise mathata ao ba thulanang le ’ona. Mohlala oa Ruthe oa boikokobetso o re hopotsa hore ho ithuta bohlale ho batho ba baholo ba re ratang le ba re batlelang lintho tse ntle ho ka re tsoela molemo. (Bala Pesaleme ea 71:17, 18.) Empa keletso ea Naomi e ne e le efe ’me na kannete Ruthe o ile a putsoa ka ho e mamela?

Ruthe o Seotlong

14. Seotlo e ne le eng, hona ho ne ho etsoa’ng moo?

14 Mantsiboeeng ao, Ruthe o ile a leba seotlong moo balemi ba bangata ba neng ba bokella lijo-thollo tsa bona teng hore li poloe le ho olōsoa. Hangata ho ne ho khethoa sebaka se pel’a leralla kapa ka holim’a leralla, moo moea o neng o foka ka matla thapama le ha shoalane e tšoara. E le ho arola lijo-thollo ho ’mōkō le litlhaka, basebetsi ba ne ba kha qubung eo e kopakaneng ka lifereko tse khōlō kapa likharafu, ebe ba hasetsa seo moeeng ’me moea o ne o fefola ’mōkō ebe lijo-thollo li oela fatše, kaha li boima.

15, 16. (a) Hlalosa se ileng sa etsahala seotlong ha Boaze a qeta ho sebetsa mantsiboea. (b) Boaze o ile a hlokomela joang hore Ruthe o ne a robetse maotong a hae?

15 Ka masene, Ruthe o ne a ntse a shebile ha mosebetsi o e-ea qetellong mantsiboea. Boaze o ne a behile basebetsi leihlo ha ba ntse ba pola lijo-thollo tsa hae ho fihlela e e-ba qubu e khōlō. Ka mor’a hore a je ’me a khotsofale, o ile a robala pel’a qubu eo. Ho bonahala eka mokhoa ona o ne o tloaelehile, mohlomong e ne e le tsela ea ho sireletsa lijo tseo ho sebelitsoeng ka thata ho li kotula e le hore masholu le batlatlapi ba se ke ba li nka. Ruthe o ile a bona ha Boaze a robala. Joale, e ne e se e le nako ea hore a sebelise leano la Naomi.

16 Ruthe o ile a atamela a nanya, pelo e uba. O ne a bona hore Boaze o khalehile thuoe! Kahoo, joalokaha Naomi a ne a mo boleletse, o ile a ea maotong a Boaze, a a koaholla, eaba o robala pel’a ’ona. Ka mor’a moo a leta. Nako e ile ea ’na ea tsamaea, empa ho Ruthe e ne eka e eme nģa e le ’ngoe. Qetellong, hoo e ka bang har’a mp’a bosiu, Boaze o ile a qala ho sisinyeha. Kaha o ne a qhaqhasela ke serame, o ile a nanabetsa letsoho maotong, e le hore a a koahele. Empa o ile a utloa hore ho na le motho moo. Tlaleho e re: “Bonang! mosali o ne a robetse maotong a hae!”—Ruthe 3:8.

17. Batho ba reng liketso tsa Ruthe li ne li bontša hore o ne a batla ho kopanela liphate le Boaze ba hlokomoloha lintlha life tse peli tse bonolo?

17 O ile a botsa, “U mang?” Ruthe o ile a araba, mohlomong ka lentsoe le thothomelang, a re: “Ke ’na lekhabunyane la hao Ruthe, u apese lekhabunyane la hao seaparo sa hao, kaha u morekolli.” (Ruthe 3:9) Bahlalosi ba bang ba mehleng ena ba batla ho fana ka maikutlo a hore liketso tsa Ruthe le mantsoe a hae li ne li bontša hore o ne a batla ho kopanela liphate le Boaze, empa ba hlokomoloha lintlha tse peli tse bonolo. Ea pele, Ruthe o ne a etsa e ’ngoe ea litloaelo tsa mehleng eo, tseo boholo ba tsona li seng li sa etsoe kajeno. Kahoo, e ka ba phoso hore re bapise liketso tsa hae le tsela ea boitšoaro bo hlephileng kajeno. Ea bobeli, tsela eo Boaze a ileng a arabela ka eona e ile ea bontša ka ho hlaka hore o ne a se a hlokometse hore boitšoaro ba Ruthe bo hloekile ebile boa babatseha.

Ruthe o ne a sa batle Boaze ka mabaka a boithati le ka sepheo se fosahetseng

18. Boaze o ile a re’ng ha a khothatsa Ruthe, hona o ne a bua ka makhetlo afe a mabeli ao ka ’ona Ruthe a ileng a bontša mosa o lerato?

18 Ha Boaze a bua, ha ho pelaelo hore lentsoe la hae le bonolo le le khathollang le ile la tšelisa Ruthe. O ile a re: “E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa, morali oa ka. U bontšitse mosa oa hao o lerato hamolemo lekhetlong la ho qetela ho feta lekhetlong la pele, ka ho se sale bahlankana morao ebang ke ba tlaase kapa ba ruileng.” (Ruthe 3:10) ‘Lekhetlo la pele’ ke ha Ruthe a ne a bontša lerato ka botšepehi ka ho khutlela le Naomi Iseraele le ka ho mo hlokomela. ‘Lekhetlo la ho qetela’ ke ketsahalong eona ena. Boaze o ile a hlokomela hore mosali e mocha joaloka Ruthe a ka be a ile a ipatlela monna har’a banna ba bacha, ebang ke barui kapa mafutsana. Ho e-na le hoo, Ruthe o ne a batla ho etsa se molemo, eseng ho Naomi feela empa le ho monna oa Naomi ea shoeleng, o ne a batla ho tsosetsa monna eo ea shoeleng lebitso naheng ea habo. Ho bonolo ho bona hore na ke hobane’ng ha Boaze a ile a khahloa ke boitelo ba mosali enoa e mocha.

19, 20. (a) Ke hobane’ng ha Boaze a ne a ke ke a nyala Ruthe li sa tloha feela? (b) Ke ka litsela life Boaze a ileng a bontša Ruthe mosa hammoho le ho nahanela botumo ba hae?

19 Boaze o ile a tsoela pele, a re: “Joale, morali oa ka, u se ke ua tšaba. Ke tla u etsetsa sohle seo u se bolelang, kaha e mong le e mong ea hekeng ea batho ba heso oa hlokomela hore u mosali ea khabane ka ho fetisisa.” (Ruthe 3:11) Boaze o ne a thabetse hore o na le monyetla oa ho nyala Ruthe; mohlomong o ne a sa makala hakaalo ha a kōptjoa hore e be morekolli oa hae. Leha ho le joalo, Boaze e ne e le monna ea lokileng ’me o ne a ke ke a etsa lintho ho latela takatso ea hae. O ile a bolella Ruthe hore ho na le morekolli e mong ea amanang haufi le lelapa la monna oa Naomi ea seng a hlokahetse; Boaze o ne a tla buisana le monna eo pele ’me a mo fe monyetla oa ho ba monna oa Ruthe.

Ka lebaka la hore Ruthe o ne a tšoara batho ba bang ka mosa le ka tlhompho, o ile a iketsetsa lebitso le letle

20 Boaze o ile a kōpa Ruthe hore a boele a robale ’me a phomole ho fihlela ka masa, ka mor’a moo o ne a ka tsamaea a sa bonoe ke motho. Boaze o ne a batla ho sireletsa botumo ba Ruthe le ba hae, kaha ka phoso batho ba ne ba ka nka hore ba entse boitšoaro bo bobe. Ruthe o ile a robala pel’a maoto a Boaze hape, mohlomong a phutholohile kaha o ile a mamela kōpo ea hae ka mosa. Empa pele ho ela, Boaze o ile a mo tšella harese e ngata feela ka seaparong sa hae, eaba Ruthe o kena tseleng o khutlela Bethlehema.—Bala Ruthe 3:13-15.

21. Ke’ng e entseng hore Ruthe a tsejoe e le “mosali ea khabane ka ho fetisisa,” hona re ka etsisa mohlala oa hae joang?

21 E tlameha ebe Ruthe o ile a khotsofala hakaakang ha a nahanisisa ka seo Boaze a se buileng—hore o ne a tsejoa ke batho bohle hore ke “mosali ea khabane ka ho fetisisa”! Ha ho pelaelo hore o ile a ba le botumo bo joalo ka lebaka la hore o ne a chesehela ho tseba Jehova le ho mo sebeletsa. Ho feta moo, o ne a le mosa ho Naomi le ho sechaba sa habo ebile a ba nahanela, hape ka boithatelo a phela ka mekhoa le litloaelo tseo ntle ho pelaelo a neng a sa li tsebe. Haeba re etsisa tumelo ea Ruthe, re tla hlompha batho ba bang ka ho tebileng re be re hlomphe mekhoa le litloaelo tsa bona. Ha re etsa joalo, le rōna re tla ba le botumo bo botle.

Ruthe o Fumana Sebaka sa Phomolo

22, 23. (a) E ka ’na eaba mpho eo Boaze a ileng a e fa Ruthe e ne e bolela’ng? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Naomi o ile a khothalletsa Ruthe hore a etse’ng?

22 Ha Ruthe a fihla lapeng, Naomi o ile a re: “U mang, morali oa ka?” Mohlomong o ne a buisoa ke ho se bone hantle ka lebaka la lefifi, empa Naomi o ne a boetse a batla ho kholiseha hore na Ruthe e sa le eena mohlolohali eane kapa ho se ho e-na le ea mo tšepisitseng lenyalo na. Ruthe o ile a potlakela ho bolella ’m’ae matsale sohle se etsahetseng pakeng tsa hae le Boaze. O ile a boela a mo fa harese, e leng mpho eo Boaze a neng a mo file eona hore a e fe Naomi. *Ruthe 3:16, 17.

23 Ka bohlale, Naomi o ile a khothalletsa Ruthe hore a tsoe a sa lutse lapeng letsatsing leo ’me a se ke a ea khoahlapisa masimong. O ile a tiisetsa Ruthe a re: “Monna eo a ke ke a ba le phomolo ntle le hore a phethe taba eo kajeno.”—Ruthe 3:18.

24, 25. (a) Boaze o ile a bontša joang hore ke monna ea lokileng le ea se nang boithati? (b) Ruthe o ile a hlohonolofatsoa joang?

24 Naomi o ne a bua ’nete ka Boaze. Boaze o ile a ea hekeng ea motse, moo baholo ba motse ba neng ba atisa ho kopana teng, a leta ho fihlela monna ea amanang haufi le lelapa a feta ka tsela. Ka pel’a lipaki, Boaze o ile a fa monna enoa monyetla oa ho ba morekolli ka hore a nyale Ruthe. Leha ho le joalo, monna eo o ile a hana, a bolela hore ha a ka etsa joalo o tla senya lefa la hae. Joale, ka pel’a lipaki tse neng li le moo hekeng ea motse, Boaze o ile a bolela hore e tla ba morekolli, a reke lefa la Elimeleke, e leng monna ea shoeleng oa Naomi, a be a nyale Ruthe, mohlolohali oa Mahalone, mora oa Elimeleke. Boaze o ile a bolela tšepo ea hae phatlalatsa hore ka ho etsa joalo o ne a tla “tsosa lebitso la monna ea shoeleng lefeng la hae.” (Ruthe 4:1-10) Ruri Boaze e ne e le monna ea lokileng le ea se nang boithati.

25 Boaze o ile a nyala Ruthe. Ka mor’a moo, Bibele e re: “Jehova a mo lumella ho emola ’me a tsoala mora.” Basali ba Bethlehema ba ile ba thoholetsa Naomi ’me ba babatsa Ruthe ka hore o molemo ho feta bara ba supileng. Hamorao, Bibele e re bolella hore mora oa Ruthe e ile ea e-ba moholo-holo oa Morena Davida ea tsebahalang. (Ruthe 4:11-22) Davida eena e ile ea e-ba moholo-holo oa Jesu Kreste.—Mat. 1:1. *

Jehova o ile a putsa Ruthe ka hore e be e mong oa baholo-holo ba Mesia

26. Re ithuta’ng mohlaleng oa Ruthe le Naomi?

26 Ruthe o ile a hlohonolofatsoa e le kannete ’me le Naomi, ea ileng a thusa ho hōlisa ngoana eo joalokaha eka ke oa hae le eena o ile a hlohonolofatsoa. Bophelo ba basali bana ba babeli bo re hopotsa ka ho hlaka hore Jehova Molimo o bona bohle ba ikokobelitseng ba sebeletsang malapa a bona ka thata ebile ba mo sebeletsa ka botšepehi le bakhethoa ba hae. Kamehla o putsa batho ba tšepahalang ba kang Boaze, Naomi le Ruthe.

^ ser. 7 Joalokaha Naomi a ile a hlokomela, mosa oa Jehova ha o felle ho ba phelang feela, empa o fetela le ho bafu. Naomi o ne a shoetsoe ke monna oa hae le bara ba babeli. Ruthe o ne a shoetsoe ke monna. Ha ho pelaelo hore banna bao ba bararo ba ne ba rateha haholo ho basali bana ba babeli. Kaha banna bao ba shoeleng ba ne ba ka rata ho bona basali bana ba ratehang ba hlokomeloa, haeba basali bana ba ne ba bontšoa mosa ho ne ho tšoana leha eka mosa oo o bontšoa banna bao.

^ ser. 11 Joalokaha ho ne ho etsoa ka lefa, ho bonahala tokelo ea ho nyala mohlolohali ea joalo e ne e qala ka barab’abo mofu ebe ka mor’a moo e fetela ho monna e mong ea amanang le lelapa leo haufi.—Num. 27:5-11.

^ ser. 22 Boaze o ile a fa Ruthe litekanyo tse tšeletseng tsa boima bo sa hlalosoang—mohlomong e le ho bontša hore joalokaha matsatsi a tšeletseng a ho sebetsa a lateloa ke phomolo ea Sabatha, matsatsi a ho sehla ha Ruthe e le mohlolohali a ne a tla tloha a lateloa ke “phomolo” e ka fumanoang ka ho ba le monna le lehae le sireletsehileng. Ka lehlakoreng le leng, litekanyo tseo tse tšeletseng—mohlomong likharafu tse tletseng tse tšeletseng—ke sohle seo Ruthe a neng a ka khona ho se jara.

^ ser. 25 Ruthe ke e mong oa basali ba bahlano bao Bibele e ba thathamisitseng lelokong la Jesu. E mong ke Rahaba, eo e neng e le ’mè oa Boaze. (Mat. 1:3, 5, 6, 16) Joaloka Ruthe, e ne e se Moiseraele.