Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Tšebelisano le Meea

Tšebelisano le Meea

Na ho fosahetse ho leka ho buisana le bafu?

‘Le se ke la retelehela ho ba buisanang le meea, hore le silafatsoe ke bona.’—Levitike 19:31.

SEO BATHO BA SE BUANG

Ke ho utloahalang hore batho ba batle ho kholiseha hore baratuoa ba bona ba shoeleng ha ba utloe bohloko. Kahoo, ba re: “E ka ba hantle hore re kōpe ba buisanang le meea kapa linohe hore li re kopanye le bona. Mohlomong motho ea buisanang le meea, a ka re thusa hore re tšelisehe le ho amohela se etsahetseng.”

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele ha e hlathe koana le koana ha e bua ka boiteko boo batho ba bo etsang ba ho buisana le bafu—e leng seo batho ba boholo-holo ba neng ba rata ho se etsa. Ka mohlala, Molao oa Jehova Molimo o ile oa re ho sechaba sa Iseraele: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea . . . batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa . . . ea botsang bafu. Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.” (Deuteronoma 18:10-12) Bibele e boetse e re bohle ba sebelisanang le meea ka tsela leha e le efe “ba ke ke ba rua ’Muso oa Molimo.”—Bagalata 5:19-21.

 Na bafu ba ka laola batho ba phelang?

“Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.”—Moeklesia 9:5.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bangata ba bolela hore bafu baa phela ka sebōpeho se itseng. Kahoo, ba ka ’na ba leka ho buisana le bona, mohlomong ba batla ho tseba taba e itseng, kapa ba batla ho ba khutsisa hore ba khaotse ho tšoenya ba phelang.

SEO BIBELE E SE BUANG

“Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho . . . Lerato la bona le lehloeo la bona le poulelo ea bona [e leng lintho tseo ba neng ba e-na le tsona ha ba sa phela] li se li timetse.” (Moeklesia 9:5, 6) Ha e le hantle, Bibele e ruta hore bafu ha ba phele! Ba ke ke ba khona ho nahana, ho etsa letho kapa hona ho rapela Molimo. Pesaleme ea 115:17 e re: “Ba shoeleng ba ke ke ba rorisa [Molimo], leha e le bafe ba theohelang moo ho khutsitseng.”

Na ka linako tse ling ba buisanang le meea ba bua lintho tse nepahetseng?

‘Na batho ba lokela ho botsa batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang?’—Esaia 8:19.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bang ba re ba buisanang le meea ba ka ba bolella lintho tse tsejoang ke bafu, ba lelapa le metsoalle feela.

SEO BIBELE E SE BUANG

Khaolo ea 28 ea buka ea Samuele oa Pele, e bua ka morena ea sa tšepahaleng ea bitsoang Saule ea ileng a tlōla taelo ea Molimo ea hore a se ke a ea ho batho ba buisang le meea. O ile a ea ho mosali ea buisanang le meea, eo ho neng ho bonahala eka o khona ho buisana le monna oa Molimo ea bitsoang Samuele, ea neng a se a hlokahetse! Empa na ebe mosali eo o ne a buisana le Samuele? Che! Ha e le hantle, o ne a buisana le moikhakanyi, e leng motho ea neng a iketsa eka ke Samuele ea neng a hlokahetse.

Moikhakanyi eo e ne e le moea o khopo, lehlahana la “ntate oa leshano”—e leng Satane. (Johanne 8:44) Ke hobane’ng ha meea e khopo, kapa bademona ba khothalletsa maikutlo a hore bafu baa phela? Sepheo sa bona ke ho etselletsa Molimo le ho hlompholla Lentsoe la hae le ngotsoeng, e leng Bibele.—2 Timothea 3:16.

Na see se bolela hore bafu ha ba na tšepo? Ha ho joalo! Bibele e tšepisa hore bohle ba ‘robetseng,’ mabitleng ba tla tsosoa. * (Johanne 11:11-13, Bibele ea Sesotho; Liketso 24:15) Hajoale, re tiisetsoa hore batho bao re ba ratang ba shoeleng, ha ba utloe bohloko ka tsela leha e le efe.

^ ser. 16 Khaolo ea 7 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e na le sehlooho se reng “Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng.”