Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Ke Eng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Romela Litšoantšo Tse Litšila ka Selefouno?

Ke Eng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Romela Litšoantšo Tse Litšila ka Selefouno?

 Monna e mong o re: “E se e batla e le ntho e tloaelehileng hona joale hore batho ba romellane litšoantšo le livideo tse litšila ka selefouno. Ba ka romellana melaetsa e mengata ka selefouno, ebe qetellong ba romellana litšoantšo tse litšila.”

 Ke hobane’ng ha batho ba romellana melaetsa e litšila? Motlatsi oa mochochisi ea qotsitsoeng koranteng ea The New York Times o re: Bacha ba bang ba re, “ha motho a e-na le litšoantšo tsa motho eo a ratanang le eena moo a hlahang a hlobotse, o bontša batho ba bang hore o se a kopanela liphate.” Mocha e mong o re ke mokhoa o mong “oa thobalano e sireletsehileng.” O re, “u ke ke ua ima kapa ua tšoaroa ke mafu a tšoaetsanoang ka thobalano.”

 Mabaka a mang a etsang hore bacha ba romele litšoantšo tse litšila ka selefouno ke ana:

  •   Ho bontša motho eo ba batlang ho ratana le eena hore o ba khahlile.

  •   Hobane motho e mong a ba romeletse setšoantšo se litšila ’me joale ba ikutloa ba le tlas’a khatello ea ho etsa se tšoanang.

 Liphello tsa ho romela litšoantšo tse litšila ke life?

 Hang ha u romela foto ka selefouno, ha e sa le taolong ea hao, u ke ke ua laola tsela eo batho ba bang ba tla e sebelisa ka eona​—kapa hore na e tla ama botumo ba hao joang. Amanda Lenhart, e leng mofuputsi ea ka sehloohong ebile e le mongoli Setsing sa Lipatlisiso sa Pew o re: “Ho se ho le bonolo ho romela le ho boloka bopaki ba boitšoaro bo bobe ba motho e mong ka morero oa ho bontša batho ba bang.”

 Maemong a mang

  •    Motho ea romeletsoeng setšoantšo sa motho ea hlobotseng a ka se romella batho ba bangata e le hore a thabise metsoalle ea hae.

  •    Bashanyana ba bang ba ile ba romella batho ba bang litšoantšo tsa moo ngoanana eo ba kileng ba ratana le eena a hlahang a hlobotse hobane ba batla ho iphetetsa ka mor’a hore ba arohane.

 NA U NE U TSEBA? Hangata ho romela lifoto tse litšila tsa batho ba sa aparang ho ’nile ha talingoa e le tlhekefetso ea bana kapa ho romela melaetsa ho sebelisoa bana litšoantšong tse litšila tse tsosang takatso. Esita le bacha ba tlaase lilemong ba ileng ba romella ba bang lifoto tse litšila ba ile ba qosoa ka tlhekefetso ea thobalano.

 Bibele e re’ng ka taba ee?

 Bibele e lumella batho ho kopanela liphate hafeela ba nyalane. (Liproverbia 5:18) Leha ho le joalo, e khahlanong le thobalano e etsoang ke batho ba sa nyalanang. Nahana ka litemana tse latelang tsa Bibele:

  •   “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna, . . . leha e le boitšoaro bo hlabisang lihlong kapa puo ea booatla kapa mesoaso e nyonyehang.”​—Baefese 5:3, 4.

  •   “Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono.”​—Bakolose 3:5.

 Litemana tseo ha li re lemose ka “bohlola” feela (ho etsa thobalano kantle ho lenyalo) empa li boetse li re lemosa ka lintho tse kang “ho se hloeke” (lentsoe le pharaletseng le bolelang boitšoaro leha bo le bofe bo litšila) le “takatso ea botona kapa ea botšehali” (eseng takatso ea ho kopanela liphate e bang teng pakeng tsa batho ba nyalaneng empa takatso e ka lebisang boitšoarong bo litšila).

 Ipotse:

  •   Ho romela lifoto tse litšila ke o mong oa mekhoa ea “ho se hloeke” ka tsela efe?

  •   Ke ka tsela efe ho etsang hore motho a be le “takatso ea botona kapa ea botšehali”?

  •   Ke hobane’ng ha ho lakatsa ho sheba litšoantšo tse litšila kapa ho li romela ho le “kotsi”?

 Mangolo a latelang a Bibele a fana ka mabaka a utloahalang le ho feta a ho qoba ho romela litšoantšo tse litšila ka selefouno.

  •   “Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona.”​—2 Timothea 2:15.

  •    “Le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo!”​—2 Petrose 3:11.

 Litemana tseo li bua ka liphello tse ntle tseo u ka li fumanang ha u e-na le boitšoaro bo botle. Ha u itšoere hantle, ha u tšoenyehe ka hore u tla ikoahlaela liketso tsa hao ka moso.​—Bagalata 6:7.

 Ipotse:

  •    Ke motho oa mofuta ofe?

  •    Na ke amehile ka botumo ba batho ba bang?

  •    Na ke batla ho ithabisa ka ntho e tla utloisa ba bang bohloko?

  •    Ho romela litšoantšo tse litšila ka selefouno ho ka ama botumo ba ka joang?

  •    Ke ka tsela efe ho romela litšoantšo tse litšila ka selefouno ho ka ’nang ha etsa hore batsoali ba ka ba se hlole ba ntšepa?

 PALE EA SEBELE “Motsoalle oa ka o ile a pata hore o ratana le moshanyana e mong. Joale o ile a mo romella foto ea moo a hlahang a hlobotse, ’me moshanyana eo le eena a mo romella ea hae. Le pele ho feta lihora tse 48 ba romellane lifoto tseo, ntate oa motsoalle oa ka o ile a hlahloba selefouno ea hae. O ile a fumana melaetsa eo, ’me seo sa mo ferekanya haholo. Ha a mo botsa ka eona, o ile a lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Kea tseba hore o soabetse seo a se entseng, empa batsoali ba hae ba ne ba tšohile haholo ba bile ba halefile! Ha ba bone eka ba sa tla hlola ba mo tšepa.”

 Seo e leng ’nete bophelong: Ho romela litšoantšo tse litšila ka selefouno ho theola seriti sa motho ea li romelang le ea li romelloang. Mocha e mong eo mohlankana oa hae a ileng a mo qobella hore a mo romele foto ea moo a hlahang a hlobotse, o re: “Ke ikutloa ke le litšila ebile ke ikoatetse ka lebaka la ho etsa joalo.”

 Kaha ho romela melaetsa e litšila ho ka ba le liphello tse bohloko, e ka ba hantle hore u mamele keletso ena ea Bibele:

  •   “U balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha.”​—2 Timothea 2:22.

  •   “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.”​—Pesaleme ea 119:37.

 U ne u tla etsa’ng?

 Sebelisa keletso ea Bibele bophelong ba hao. Bala mantsoe a Janet ebe u khetha hore na ho ne ho tla ba molemo hore a etse’ng.

 “Nkile ka kopana le moshanyana e mong ’me ra fanana linomoro tsa fono. Ka mor’a beke feela o ile a nkōpa hore ke mo romelle lifoto tsa ka moo ke apereng liaparo tsa ho sesa.”​—Janet.

 U nahana hore Janet o ne a lokela ho etsa’ng? Uena u ne u ka etsa’ng?

  •  U KA KHETHA A U ka ’na ua re ka pelong: ‘Ha ke bone ho le phoso ho etsa joalo. Etsoe haeba ho ne ho ka etsahala hore re ee leoatleng, o ne a tla ’ne a mpone ke li apere.’

  •  U KA KHETHA B U ka ’na ua re ka pelong: ‘Ha ke tsebe hore na o ikemiselitseng. E-re ke mo romele foto e sa hlahiseng ’mele oa ka haholo ke bone hore na o tla etsa’ng.’

  •  U KA KHETHA C U ka ’na ua re ka pelong: ‘Moshanyana enoa o mpa a batla ho robala le ’na. Ho molemo ke hlakole molaetsa oa hae.’

 Ho bonahala eka ho ka ba bohlale ho khetha C. Ho feta moo, Bibele e re: “Batho ba bohlale ba bonela mathata pele ebe baa qoba, empa motho ea sa nahaneng o ikenya ho ’ona ebe ua ikoahlaea hamorao.”​—Liproverbia 22:3, Good News Translation.

 Lintlha tse ka holimo li bontša lintho tseo hangata li etsang hore batho ba qetelle ba romella ba bang melaetsa e litšila le ho itšoara hampe: Na u khetha metsoalle ka bohlale? (Liproverbia 13:20) Moroetsana e mong ea bitsoang Sarah, o re: “U lokela ho tloaelana le batho bao u tsebang hore ba ke ke ba mamella boitšoaro bo sa nepahalang.” Moroetsana ea bitsoang Delia o lumellana le seo. O re: “Batho ba ka ’nang ba iketsa eka ke metsoalle ea hao, ha ba leke ho u thusa hore u boloke boitšoaro ba hao bo hloekile empa ba batla hore u etse boitšoaro bo bobe. Haeba boitšoaro ba bona bo khahlanong le melao ea Molimo, ba u khothalletsa ho etsa seo u tsebang hore se fosahetse. Na ke sona seo u se batlang?”