Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e ka re Thusa ho Qoba Mathata

Bibele e ka re Thusa ho Qoba Mathata

Bibele e re likeletso tse ka ho eona li tsoa ho Molimo ’me li “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.” (2 Timothea 3:16) Na taba eo ke ’nete? Re tl’o bona kamoo likeletso tsa Bibele li ileng tsa thusa batho kateng ho qoba a mang a mathata a boima haholo.

HO NOA HAHOLO

’Mè ’Mathabo, eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, o ile a qala ho noa haholo hobane a ne a imetsoe ke mathata. Ke ’nete hore Bibele ha e re hanele ho noa joala, empa e re: “U se ke ua ba har’a ba noang veine haholo.” (Liproverbia 23:20) Batho ba noang joala haholo ba hlaheloa ke mathata a kang ho kula hampe, malapa a bona aa qhalana ebile selemo le selemo bongata ba bona ba shoa ho sa hlokahale. Ba ka be ba sa hlaheloe ke mathata ana hoja ba ne ba mamela likeletso tsa Bibele.

’Mè ’Mathabo o ile a li mamela. O re: “Ke ile ka bona hore ho noa haholo ha ho nthuse ho hang. Ke ile ka thusoa ke Lengolo la Bafilipi 4:6, 7, le reng: ‘Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa . . . likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo.’ Letsatsi le letsatsi ha ke ne ke lula ke touta ka mathata a ka ’me ke tšoenyeha haholo, ke ne ke rapela Jehova. Ke ne ke mo bolella hore na ke ikutloa joang ’me ke mo kopa hore a nthuse, ke be le tšepo. Ke ne ke utloa ke thabile ka mor’a ho etsa joalo. Ho itloaetsa ho rapela ho ile ha nthusa hore ke nahane haholo ka lintho tse etsang hore ke thabe ho e-na le ho lula ke nahana ka mathata a ka. Ke ile ka khaotsa ho noa haholo. Kaha joale ke ne ke se ke thabile, ke ne ke sa batle ho ipakela mathata.”

BOITŠOARO BO BOBE

Boitšoaro bo bobe ke bothata bo bong bo ka sehloohong bo etsang hore batho ba utloe bohloko haholo. Empa likeletso tsa Bibele li ka re thusa ho qoba lintho tse ka etsang hore re itšoare hampe ebe qetellong re utloa bohloko ka lebaka la boitšoaro bona. Li re thusa ho qoba lintho tse kang ho bapala ka motho oa bong bo fapaneng ka ho etsa lintho tse ka etsang hore a nahane hore oa mo rata empa u sa mo rate le ho itloaetsa ho sheba litšoantšo tse bontšang boitšoaro bo bobe. Lintho tseo li ka etsa hore re itšoare hampe. Samuele o re: “Ho ne ho le bonolo ho bapala ka banana. Ebile ho ne ho e-ba monate ho etsa joalo ha ngoanana a bonahala a nthata empa ke sa mo rate.” Samuele o ne a se a bile a tsebahala ka ho bapala ka banana joalo, esita leha a ne a sa rera. O ile a qetella a se a itloaetsa ho etsa joalo ka boomo. Empa letsoalo la hae le ile la mo tšetšetha. Hamorao o ile a hlokomela hore tloaelo eo e kotsi hobane e ka etsa hore motho a ichebe boeena feela.

Samuele o ile a kena websaeteng ea jw.org ’me a bala sehlooho se seng moo se ngolletsoeng bacha. Eaba o nahanisisa ka Lengolo la Liproverbia 20:11 le reng: “Esita le ka liketso tsa hae moshanyana o iketsa hore a hlokomeloe mabapi le hore na mosebetsi oa hae o hloekile ’me o lokile.” Lengolo lee le ile la mo thusa joang? O ile a bona hore tloaelo eo ea hae ha ea hloeka ebile ha ea loka. O re: “Ke ithutile hore moshanyana ea bapalang ka banana joalokaha ke ne ke tloaetse, o itokisetsa ho iqhalla lelapa ka moso. Ke ile ka qala ho ipotsa hore na ebe mohlang ke seng ke e-na le mosali, o tla ikutloa joang ha a ka mpona ke ntse ke etsa eka ke rata mosali e mong, eaba kea hlokomela hore tloaelo eo e hlile e kotsi. Mokhoa ona o fosahetse le hoja ho le bonolo ho o tloaela.” Samuele o ile a qetella a tlohetse mokhoa oo ’me ho etsa joalo ho ile ha mo thusa hore a qobe boitšoaro bo litšila.

Ntate Tšepo eena o ne a lemaletse ho sheba litšoantšo tse bontšang boitšoaro bo bobe. Le hoja a ne a e-na le mosali a bile a mo rata haholo, ho ne ho le thata hore a tlohelle mokhoa ona. O re Lengolo la 1 Petrose 5:8 le ile la mo thusa haholo. Le re: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” Ntate Tšepo o re: “Litšoantšo tse bontšang boitšoaro bo bobe li hohle ebile ho thata ho li lebala ha u se u li bone. Lengolo leo le ile la nthusa ho hlokomela hore na ke’ng e etsang hore ke lemalle ho li shebella. Ke ile ka tlameha ho itloaetsa ho hopola hore litšoantšo tseo li tsoa ho Satane. Jehova ke eena feela ea ka nthusang ho hlola mokhoa oo o mobe e le hore pelo le kelello ea ka li lule li hloekile le hore ke lule ke tšepahalla mosali oa ka.” Bibele e ile ea thusa ntate Tšepo ’me hona joale o tlohetse ho shebella litšoantšo tse bontšang boitšoaro bo bobe. Ho etsa joalo ho ile ha mo thusa ho qoba mathata a neng a ka hlaha ka lebaka la mokhoa oo.

Mehlala ena ea re ruta hore likeletso tse ka Bibeleng li ka re thusa ho qoba mathata. Re tl’o boela re ithuta hore na Bibele e ka re thusa joang haeba re e-na le mathata ao ho bonahalang a sa ee moriting.

Likeletso tse ka Bibeleng li ka re thusa ho qoba mathata