Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e ka re Thusa ho Rarolla Mathata

Bibele e ka re Thusa ho Rarolla Mathata

Ka linako tse ling re ka tlameha ho mamella bothata nako e telele. Bibele e ka re fa likeletso tse bohlale tsa ho rarolla mathata a joalo. Nahana ka mehlala e latelang.

HO TŠOENYEHA HAHOLO

Ngoanana e mong ea lilemo li 21 ea bitsoang Lineo o re: “Ke ile ka imeloa haholo ka lebaka la ho lula ke nahana ka mathata a boima a ka ntlhahelang ka moso.” O ile a thusoa ke litemana life tsa Bibele? Matheu 6:34 ke e ’ngoe ea tse ileng tsa mo thusa. E re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona.” Mantsoe ao a Jesu a ile a thusa Lineo hore a khaotse ho tšoenyeha ka lintho tse ka mo hlahelang ka moso. O re: “Ho lula ke itšoenya ka lintho tse ka ’nang tsa se ke tsa etsahala ho ne ho mpefatsa boemo le ho feta hobane ke ne ke se ke ntse ke e-na le mathata a mangata.”

Mosa ea lilemo li 18 le eena o ne a imetsoe ka lebaka la ho lula a tšoenyehile. Nako ena kaofela o ne a lula a nahana ka lintho tse mo tšoenyang hoo ka linako tse ling a neng a lla a bile a hlobaela. O ile a thusoa ke Lengolo la 1 Petrose 5:7 le reng: ‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho [Molimo], hobane oa le tsotella.’ Mosa o re: “Ke ile ka lula ke rapela Jehova ’me ka bona ha a arabela lithapelo tsa ka. Eaba ke utloa ke imolohile haholo. Ke ’nete hore ka linako tse ling ke na le ho lula ke nahana ka lintho tse ntšoenyang, empa ke se ke tseba hore na nka etsa’ng e le hore ke se ke ka lula ke tšoenyehile.”

HO TLOAELA HO ETSA LINTHO MOTSOTSONG OA HO QETELA

Ausi e mong ea bitsoang Thato o re: “Ke nahana hore mokhoa oa ho etsa lintho motsotsong oa ho qetela ke o futsitse ho ntate oa ka. Ho e-na le ho etsa lintho tsa bohlokoa tseo ke tlamehang ho li etsa, kea itulela ke shebella thelevishene ebe ke re ke tla ’ne ke li etse. Mokhoa ona o kotsi hobane o etsa hore motho a etse mosebetsi a se a tatile haholo ebe joale o etsa liphoso.” O ile a thusoa ke keletso e hlahang ho 2 Timothea 2:15 e reng: “Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona.” Ausi Thato o re: “Ke ne ke sa batle ha Jehova a soabisoa ke mosebetsi oa ka hobane feela ke o entse motsotsong oa ho qetela.” Hona joale o se a etsa lintho ka nako.

Ngoanana e mong ea bitsoang Katleho le eena o re: “Ke ne ke imeloa kelellong, ke hlobaela ke bile ke lla ka linako tse ling hobane ke lula ke etsa mosebetsi motsotsong oa ho qetela.” O ile a thusoa ke Liproverbia 13:16 e reng: “E mong le e mong ea masene o tla sebetsa ka tsebo, empa ea hlokang kelello o tla hasanya booatla hohle.” Ho nahanisisa ka lengolo leo ho mo thusitse hore a hlophisehe. O re: “Ke se ke e-na le buka eo ho eona ke ngolang hore na ke tl’o etsa eng ka nako efe. Ho etsa joalo ho nthusa hore ke se ke ka etsa lintho motsotsong oa ho qetela.”

HO JEOA KE BOLUTU

’Mè ’Mampho ea lilemo li 57 o re: “Molekane oa ka o ile a itsamaela, ka sala ke holisa bana ba rona ba bane ke le mong.” Bibele e ile ea mo thusa joang? Liproverbia 17:17 e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” O ile a fumana metsoalle ka phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova. E ile ea mo thusa joang? O re: “Metsoalle ea ka e ile ea nthusa haholo. Ba bang ba ne ba ntlisetsa lijo, ba bang ba ile ba nthotisa ka makhetlo a mararo ao ke ileng ka falla ka ’ona. E mong o ile a ba a nthusa ho fumana mosebetsi.”

’Mè ’Mathabo, eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, le eena o ile a jeoa ke bolutu. O re: “Ha ke ne ke bona batho ba bang ba thabile hammoho le malapa a bona ’me ’na ke setse ke le mong, ke ne ke jeoa ke bolutu haholo.” O ile a thusoa ke Pesaleme ea 68:6 e reng: “Molimo o etsa hore batho ba metoaitoai ba lule ka tlung.” ’Mè ’Mathabo o re: “Temana ena e ile ea nthusa ho hlokomela hore re ka fumana metsoalle ea sebele e ratang Jehova ka phuthehong ea hae. Pesaleme ea 37:4 e re: ‘U ithabele ka ho phethehileng ho Jehova, O tla u fa tseo pelo ea hao e li kōpang.’ Lengolo lena le ile la nthusa ho bona hore ke tšoanela ho ba motsoalle oa Jehova pele e le hore ke fumane metsoalle ka phuthehong.”

’Mè ’Mathabo o re: “Ke ile ka hlokomela hore ke tlameha ho rata Jehova haholoanyane hobane ke motsoalle ea molemo haholo. Ke ile ka ngola lethathamo la lintho tse monate tseo nka li etsang le Bakreste-’moho le ’na e le hore nka ba tseba haholoanyane ’me ea ba metsoalle ea ka. Ke ithutile ho sheba lintho tse molemo tseo ba li etsang ho e-na le ho sheba liphoso tsa bona.”

Ho sa tsotellehe hore na batho ba leka ka matla hakae ho mamela likeletso tsa Bibele, ba etsa liphoso. Lipaki Tsa Jehova le tsona li etsa liphoso hape li hlaheloa ke mathata joaloka motho e mong le e mong. Ho molemo ho ba motsoalle oa batho ba mamelang likeletso tse ka Bibeleng tse khothalletsang bohle ho thusa batho ha ho khoneha. Na Bibele e na le likeletso tse ka re thusang ho mamella mathata ao re ke keng ra a qoba, a kang ho shoeloa le ho tšoaroa ke lefu le sa foleng?

Ho mamela likeletso tsa Bibele ho ka u thusa ho fumana metsoalle e tla u tšehetsa