Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Arabe Lithapelo Tsohle?

Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Arabe Lithapelo Tsohle?

Ntate oa rona ea maholimong Jehova Molimo, o ikemiselitse ho utloa lithapelo tsa rona ’me o thabela ho li mamela. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ka etsang hore a se ke a li araba. Ke life lintho tseo, hona re lokela ho hopola eng ha re rapela? A re utloeng hore na Bibele e re’ng.

“Ha u rapela, u se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang.”​Matheu 6:7.

Jehova ha a batle hore re lule re pheta lithapelo tseo re li tšoereng ka hlooho kapa tse ngotsoeng bukeng. Ho e-na le hoo, o batla hore re mo rapele ho tsoa pelong. Nahana hore na u ka ikutloa joang ha motsoalle oa hao a u bolella mantsoe a tšoanang letsatsi le chabang le le likelang. Metsoalle e bua ho tsoa pelong ’me e bua ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Haeba re sebelisa mantsoe a rona ha re bua le Ntate oa rona ea leholimong, re tla be re bontša hore re mo nka e le motsoalle oa rona.

“Lea kopa, leha ho le joalo ha le amohele, hobane le kopa bakeng sa morero o fosahetseng.” ​—Jakobo 4:3.

Re ke ke ra lebella hore Molimo a arabele lithapelo tsa rona haeba re mo kopa lintho tseo re tsebang hantle hore ha a li batle. Ka mohlala, haeba motho a bechile ’me a rapela Molimo hore ka lehlohonolo a fumane chelete, na Molimo o tla arabela thapelo e joalo le hoja ho hlakile hore ha a batle batho ba meharo hape ha a rate litumela-khoela tsa mahlohonolo? (Esaia 65:​11; Luka 12:​15) Ha ho utloahale hore re lebelle hore Jehova a arabele lithapelo tse joalo. E le hore Jehova a arabele lithapelo tsa rona, re lokela ho etsa bonnete ba hore lintho tseo re li rapellang li lumellana le seo Bibele e se buang.

“Ea faposang tsebe ea hae hore e se ke ea utloa molao, esita le thapelo ea hae ke ntho e manyala.” ​—Liproverbia 28:9.

Mehleng ea khale, Molimo o ne a sa mamele lithapelo tsa batho ba neng ba sa mamele melao ea hae. (Esaia 1:​15, 16) Molimo o ntse a e-s’o fetohe. (Malakia 3:6) Haeba re batla hore Molimo a mamele lithapelo tsa rona, re tlameha ho etsa sohle seo re ka se khonang hore re mamele melao ea hae. Ho thoe’ng haeba re ile ra etsa lintho tse mpe nakong e fetileng? Na seo se bolela hore Jehova a ke ke a mamela lithapelo tsa rona? Ha ho joalo. Molimo o tla re tšoarela haeba re bontša hore re ikoahlaela lintho tse mpe tseo re ileng ra li etsa ’me re etsa sohle seo re ka se khonang ho mo thabisa.​—Liketso 3:19.