Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molimo o re Tšepisa Hore ha re sa Tla Hlola re E-ba le Khatello ea Maikutlo

Molimo o re Tšepisa Hore ha re sa Tla Hlola re E-ba le Khatello ea Maikutlo

Ka Bibeleng, Molimo o fana ka likhothatso le likeletso tse ka thusang batho ba nang le khatello ea maikutlo.

Molimo o entse se fetang sena. O re tšepisitse hore o tlo felisa lintho tsohle tse bakang khatello ea maikutlo.

Ha Molimo a phethahatsa tšepiso ena, ha re sa tla hlola re utloa bohloko, re e-ba le khatello ea maikutlo ’me lintho tse bohloko tse re etsahalletseng ‘li ke ke tsa hopoloa kapa tsa re utloisa bohloko.’—Esaia 65:17.

Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa hore u tsebe hore na Molimo o tlo phethahatsa tšepiso ena joang le hore na o tlo e phethahatsa neng.