Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsa Liqeto Tse Bohlale Nakong ea Bocha

Etsa Liqeto Tse Bohlale Nakong ea Bocha

‘Lōna bahlankana le lōna baroetsana rorisang lebitso la Jehova.’—PES. 148:12, 13.

1. Bacha ba bangata ba Bakreste ba thabela menyetla efe e babatsehang?

RE PHELA nakong e ikhethang. Hona joale, batho ba limilione ba tsoang lichabeng tsohle ba retelehela borapeling ba ’nete. (Tšen. 7:9, 10) Bacha ba bangata ba ba le liphihlelo tse thabisang ha ba ntse ba thusa ba bang ho utloisisa linnete tsa Bibele tse pholosang bophelo. (Tšen. 22:17) Ba bang ba khanna lithuto tsa Bibele, ’me ba thusa batho hore ba ntlafatse bophelo ba bona. Ba bang ba bolela litaba tse molemo ka cheseho libakeng tseo ho buuoang lipuo tse ling. (Pes. 110:3; Esa. 52:7) U ka etsa’ng hore u kopanele haholoanyane mosebetsing oo batho ba Jehova ba o etsang?

2. Mohlala oa Timothea o bontša joang hore Jehova o batla ho fa bacha boikarabelo? (Sheba setšoantšo se qalong.)

2 Ha u sa le mocha, u ka etsa liqeto tseo hamorao li ka ’nang tsa u bulela monyetla oa ho sebeletsa Molimo ka thabo. Ka mohlala, ho totobetse hore Timothea oa Lystra, o ile a etsa liqeto tse bohlale, tse ileng tsa etsa hore a abeloe ho ba moromuoa mohlomong ha a le lilemo li ka bang 20. (Lik. 16:1-3) Ho bonahala eka likhoeli tse seng kae feela ka mor’a hore batho ba mabifi ba qobelle moapostola Pauluse hore a tlohe phuthehong ea Thesalonika e sa tsoa thehoa, Pauluse o ile a abela Timothea e monyenyane hore a khutlele Thesalonika ho ea matlafatsa barab’abo rōna moo. (Lik. 17:5-15; 1 Bathes. 3:1, 2, 6) U nahana hore kabelo eo e ile ea etsa hore Timothea a ikutloe joang?

 QETO EA BOHLOKOA KA HO FETISISA

3. Qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka e etsang bophelong ke efe, hona u ka e etsa neng?

3 Ha motho a sa le mocha, eo ke eona nako ea ho etsa liqeto tsa bohlokoa. Empa qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ea ho sebeletsa Jehova. Nako e molemohali ea ho etsa qeto eo ke efe? Jehova o re: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, . . . matsatsing a bohlankana ba hao.” (Moek. 12:1) Tsela feela e amohelehang ea ‘ho hopola’ Jehova ke ho mo sebeletsa ka botlalo. (Deut. 10:12) Qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka e etsang ke ea ho sebeletsa Molimo ka pelo eohle. E tla ama bokamoso bohle ba hao.—Pes. 71:5.

4. Ntle le ho etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova, ke liqeto life tse ling tsa bohlokoa tse tla ama tsela eo u tla sebeletsa Molimo ka eona?

4 Ke ’nete hore qeto ea ho sebeletsa Jehova hase eona feela e tla ama bokamoso ba hao. Ka mohlala, u ka ’na ua ipotsa hore na u tla nyala, hona u tla nyala mang le hore na u tla iphelisa joang. Liqeto tsena ke tsa bohlokoa, empa u lokela ho qala ka ho etsa qeto ea hore na u batla ho sebeletsa Jehova ka botlalo kahohle kamoo u ka khonang kapa che. (Deut. 30:19, 20) Hobane’ng? Hobane qeto eo e tla ama tse ling tseo u tla li etsa. Qeto eo u tla e etsa ka lenyalo le mosebetsi e tla ama tsela eo u sebeletsang Molimo ka eona. (Bapisa le Luka 14:16-20.) Ka lehlakoreng le leng, takatso ea hao ea ho sebeletsa Molimo e tla ama liqeto tseo u li etsang tabeng ea lenyalo le mosebetsi. Kahoo, qala ka lintho tsa bohlokoa ha u etsa liqeto.—Bafil. 1:10.

U TLA ETSA’NG BOCHENG BA HAO?

5, 6. Bontša kamoo ho etsa liqeto tse nepahetseng ho ka tlisang liphello tse ntle kateng hamorao. (Sheba le sehlooho se reng, “Khetho eo ke Ileng ka e Etsa ha ke sa le Ngoana” makasineng ena.)

5 Ha u se u entse qeto ea ho sebeletsa Molimo, u ka nahana ka seo a batlang hore u se etse, ’me ua etsa qeto ea hore na u tla mo sebeletsa joang. Mor’abo rōna e mong oa Japane o ile a ngola, a re: “Ha ke le lilemo li 14, ke ne ke paka le moholo e mong oa phutheho ea ileng a hlokomela hore ha ke thabele tšebeletso. O ile a re ho ’na ka bonolo: ‘E-ea hae, Yuichiro. U lule fatše ’me u nahanisise ka seo Jehova a u etselitseng sona.’ Ke ile ka fela ka etsa joalo. Ha e le hantle, ke ile ka qeta matsatsi ke ntse ke nahana ke bile ke rapela ka taba eo. Butle-butle boikutlo ba ka bo ile ba fetoha. Ka mor’a nakoana, ke ile ka qala ho natefeloa ke ho sebeletsa Jehova. Ke ne ke rata ho bala liphihlelo tsa baromuoa, ’me ka qala ho nahana ka ho sebeletsa Molimo ka botlalo.”

6 Yuichiro o re: “Ke ile ka qala ho etsa liqeto tse neng li tla ’nolofalletsa hore ka letsatsi le leng ke sebeletse Jehova linaheng tse ling. Ka mohlala, ke ile ka etsa qeto ea ho ithuta Senyesemane. Ha ke qeta sekolong, ke ile ka khetha ho etsa mosebetsi oa nakoana oa ho ruta Senyesemane e le hore ke tsoele pele ke le pula-maliboho. Ha ke le lilemo li 20, ke ile ka qala ho ithuta Semongolia ’me ke ile ka ba le monyetla oa ho etela bahoeletsi ba buang Semongolia. Ka 2007, e leng lilemo tse peli hamorao, ke ile ka etela Mongolia. Ha ke ntse ke bolela le bo-pula-maliboho ba bang moo ke ile ka hlokomela hore batho ba bangata ba rata ’nete, kahoo ka rera ho ea thusa. Ke ile ka khutlela Japane e le hore ke itokiselletse ho fallela moo. Haesale ke le pula-maliboho Mongolia ho tloha ka April 2008. Bophelo ha bo bonolo mona. Empa batho ba mamela litaba tse molemo, ’me ke ba thusa hore ba atamele haufi le Jehova. Ke nahana hore ke khethile tsela e molemohali bophelong.”

7. Ke liqeto life tseo re lokelang ho iketsetsa tsona, hona Moshe o re behetse mohlala ofe?

7 Motho e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na o tla etsa’ng ka bophelo ba hae e le Paki ea Jehova. (Josh. 24:15) Re ke ke ra u bolella hore u nyale, u nyale mang, kapa hona hore na u batle mosebetsi oa mofuta ofe. Na u tla khetha mosebetsi o hlokang hore u fumane koetliso e seng kae feela? Bacha ba bang ba Bakreste  ba phela metseng e futsanehileng; ha ba bang bona ba phela metseng e meholo e ruileng. Bacha lefatšeng ka bophara baa fapana ka botho, bokhoni, phihlelo le lintho tseo ba li thahasellang, ’me tumelo ea bona ha e lekane. Mohlomong ba fapane joalokaha bacha ba Baheberu ba neng le Egepeta ea boholo-holo ba ne ba fapane le Moshe ha e sa le mocha. O ne a e-na le monyetla oa ho lula ntlong ea borena, ha Baheberu ba bang e ne e le makhoba. (Ex. 1:13, 14; Lik. 7:21, 22) Ba ne ba phela nakong e ikhethang joaloka uena. (Ex. 19:4-6) E mong le e mong o ne a lokela ho khetha hore na o tla etsa’ng bophelong. Moshe o ile a etsa qeto e nepahetseng.—Bala Baheberu 11:24-27.

8. Ke’ng e ka thusang bacha ha ba etsa liqeto bophelong?

8 Jehova o u thusa hore u etse liqeto tse bohlale ha u sa le mocha. O u fa melao-motheo e ka u tataisang maemong a ikhethang ao u tobanang le ’ona. (Pes. 32:8) Ho feta moo, batsoali ba hao ba Bakreste le baholo ba phutheho ba ka u thusa hore u nahane kamoo u ka sebelisang melao-motheo eo kateng. (Liprov. 1:8, 9) A re hlahlobe melao-motheo e meraro ea Bibele e ka u thusang ho etsa liqeto tse bohlale tse tla u tsoela molemo nakong e tlang.

MELAO-MOTHEO E MERARO EA BIBELE E KA U TATAISANG

9. (a) Jehova o re tlotla joang ka ho re fa bolokolohi ba ho ikhethela? (b) ‘Ho batla ’Muso pele’ ho re bulela menyetla efe?

9 Batla ’Muso oa Molimo pele le ho loka ha hae. (Bala Matheu 6:19-21, 24-26, 31-34.) Jehova o re tlotla ka ho re fa bolokolohi ba ho ikhethela. Ha a u bolelle hore na u lokela ho sebelisa nako e kae ea bocha ba hao u bolela ka ’Muso. Empa Jesu o re file molao-motheo oa bohlokoa hore re batle ’Muso pele. Tsela eo u sebelisang molao-motheo oo ka eona e tla u fa monyetla oa ho bontša hore u rata Molimo, u amehile ka baahelani ba hao le hore u ananela tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Ha u ntse u nahanisisa ka taba ea lenyalo le mosebetsi, ipotse hore na khetho eo u e etsang e tla etsa hore u tšoenyehe ka lintho tse bonahalang kapa e tla bontša hore u chesehela ’Muso oa Molimo le ho loka ha hae.

10. Ke’ng e neng e etsa hore Jesu a thabe, hona ke liqeto life tse tla u thabisa?

10 Fumana thabo e tlisoang ke ho sebeletsa ba bang. (Bala Liketso 20:20, 21, 24, 35.) Ka mosa Jesu o ile a re ruta molao-motheo ona oa bohlokoa bophelong. O ne a thabile kaha o ne a etsa thato ea Ntate oa hae, eseng ea hae. Jesu o ne a thabela ho bona batho ba bonolo ba amohela litaba tse molemo. (Luka 10:21; Joh. 4:34) Mohlomong u se u ntse u latsoitse thabo e tlisoang ke ho thusa ba bang. Haeba u etsa liqeto tsa bohlokoa bophelong u ipapisitse le melao-motheo eo Jesu a e rutileng, ha ho potang hore u tla thaba u be u thabise Jehova.—Liprov. 27:11.

11. Ke’ng e ileng ea etsa hore Baruke a felloe ke thabo, hona Jehova o ile a mo fa keletso efe?

11 Ha re sebeletsa Jehova re fumana thabo e khōlō. (Liprov. 16:20) Kamoo ho bonahalang kateng, mongoli oa Jeremia e leng Baruke o ile a lebala seo. Ho na le nako eo a neng a se a sa thabele ho sebeletsa Jehova. Jehova o ile a re ho eena: “U ntse u ipatlela lintho tse khōlō. U se ke ua ’na ua li batla. Etsoe bona! ke tlisa tlokotsi holim’a nama eohle, . . . ’me ke tla u neha moea oa hao e le thepa e hapuoeng libakeng tsohle tseo u ka eang ho tsona.” (Jer. 45:3, 5) U nahana’ng ka taba ee? Ke’ng e neng e tla thabisa Baruke—ho batla lintho tse khōlō kapa ho pholoha e le mohlanka ea tšepahalang oa Molimo ha Jerusalema e timetsoa?—Jak. 1:12.

12. Ramiro o ile a etsa qeto efe e ileng ea mo tlisetsa thabo bophelong?

12 Mor’abo rōna e mong ea ileng a fumana thabo e tlisoang ke ho sebeletsa ba bang ke Ramiro. O re: “Ke tsoa lelapeng le futsanehileng le lulang motsaneng o Lithabeng tsa Andes. Kahoo ha abuti oa ka a  ithaopela ho ntefella univesithi, oo e ne e le monyetla o moholo. Empa ke ne ke sa tsoa kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me pula-maliboho e mong o ne a nkōpile hore ke mo thuse ka mosebetsi oa boboleli motsaneng o mong. Ke ile ka ea moo, ka ithuta ho kuta moriri ’me ka bula khoebo ea ho kuta e le hore ke iphelise. Batho ba bangata ba ne ba arabela hantle ha re ithaopela ho ba ruta Mangolo. Hamorao ke ile ka kopanela le phutheho e sa tsoa thehoa e sebelisang puo ea moo. Ke se ke qetile lilemo tse leshome joale ke le ’moleli oa nako e tletseng. Ha ho mosebetsi o mong o ntlisetsang thabo e kang eo ke e fumanang ha ke thusa batho ho ithuta litaba tse molemo ka puo ea bona.”

Ramiro o thabetse ho sebeletsa Jehova ho tloha bocheng (Sheba serapa sa 12)

13. Ke hobane’ng ha nako ea bocha e le e loketseng hore u sebeletse Jehova ka botlalo?

13 Thabela ho sebeletsa Jehova bocheng ba hao. (Bala Moeklesia 12:1.) Ha ho hlokahale hore u qale ka ho batla mosebetsi o lefang hantle e le hore u tl’o sebeletse Jehova hamorao. Nako ea bocha ke eona e loketseng hore u qale ho sebeletsa Jehova. Bacha ba bangata ha ba na boikarabelo bo bokaalo ba lelapa ’me ba phetse hantle ebile ba na le mahlahahlaha a ho etsa mesebetsi e boima. U ka rata ho etsetsa Jehova eng bocheng ba hao? Mohlomong u na le pakane ea ho ba pula-maliboho. E ka ’na eaba u batla ho sebetsa tšimong eo ho buuoang puo e ’ngoe. Kapa mohlomong ho na le litsela tse ling tseo u ka atolosang tšebeletso ea hao ka tsona phuthehong ea heno. Ho sa tsotellehe hore na u na le pakane ea ho sebeletsa Molimo ka tsela efe, u lokela ho ba le mokhoa oa boipheliso. U hloka ho fumana koetliso e kae? U tla khetha ho etsa’ng?

SEBELISA MELAO-MOTHEO EA BIBELE HO ETSA LIQETO TSE BOHLALE

14. Motho o lokela ho ba seli ka eng ha a rera bokamoso?

14 Melao-motheo e meraro ea Bibele eo re sa tsoa e tšohla e ka u thusa hore u hlahlobisise mosebetsi oo u batlang ho o etsa.  Ha ho pelaelo hore matichere a hao aa tseba hore na mesebetsing ho batleha batho ba nang le litsebo life. Kapa mohlomong ho na le mokhatlo oa ’muso o ka u bolellang hore na mosebetsi o fumanehang habonolo ke ofe sebakeng sa heno, kapa moo u batlang ho ea sebeletsa teng. Ho fumana boitsebiso mehloling eo ho ka u tsoela molemo—empa u lokela ho ba hlokolosi. Batho ba sa rateng Jehova ba ka ’na ba leka ho u susumelletsa hore u rate lefatše. (1 Joh. 2:15-17) Pelo ea hao e ka ’na ea u thetsa habonolo ha u sheba lintho tseo lefatše le fanang ka tsona.—Bala Liproverbia 14:15; Jer. 17:9.

15, 16. Ke mang ea ka u fang keletso e bohlale tabeng ea mosebetsi?

15 Hang ha u se u tseba hore na ke menyetla efe ea mosebetsi e teng, u hloka boeletsi bo nepahetseng. (Liprov. 1:5) Ke mang ea ka u thusang hore u sekaseke mosebetsi oo u batlang ho o etsa u itšetlehile ka melao-motheo ea Bibele? Mamela batho ba ratang Jehova, ba u ratang ba bileng ba u tsebang ’me ba tseba le maemo a hao hantle. Ba tla u thusa hore u hlahlobe bokhoni boo u nang le bona le sepheo sa hao. Mohlomong seo ba tla u bolella sona se tla u thusa hore u sekaseke bocha lipakane tsa hao. Ruri ke tlhohonolofatso haeba u na le batsoali ba ratang Jehova! Baholo ba phutheho ea heno le bona ke banna ba tšoanelehang ba moea ba ka u tataisang. Ho phaella moo, buisana le bo-pula-maliboho le balebeli ba tsamaeang. Ke’ng e ba susumelelitseng ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng? Ba ile ba etsa’ng hore ba qale ho bula maliboho, hona ba iphelisa joang? Ke’ng se ba khotsofatsang ka tšebeletso ea bona?—Liprov. 15:22.

16 Batho ba u tsebang hantle ba ka u fa keletso e bohlale. Ka mohlala, a re re u batla ho tlohela sekolo se phahameng ka lehare ’me u nke bopula-maliboho, mohlomong hobane u sa rate mosebetsi o mongata oa sekolo. Motho ea u ratang a ka ’na a lemoha sepheo sa hao ’me a u hlokomelisa hore ho kena sekolo ho ka u ruta hore u se ke ua tela habonolo bophelong, e leng tšobotsi ea bohlokoa haeba u batla ho sebeletsa Jehova ka botlalo.—Pes. 141:5; Liprov. 6:6-10.

17. Re lokela ho qoba ho etsa liqeto tsa mofuta ofe?

17 Motho e mong le e mong ea sebeletsang Jehova o tla tobana le maemo a behang bomoea ba hae kotsing, kapa lintho tse ka ’nang tsa mo susumelletsa hore a suthele hōle le Jehova. (1 Bakor. 15:33; Bakol. 2:8) Empa mesebetsi e meng e ka ’na ea beha motho kotsing ho feta e meng. Na ba bang sebakeng sa heno ba ile “ba senyeheloa ke tumelo joaloka sekepe se soahlamaneng” hobane ba khethile mofuta o itseng oa mosebetsi? (1 Tim. 1:19) Ka sebele, ke bohlale hore re qobe ho etsa liqeto tse tla beha kamano ea hao le Molimo kotsing.—Liprov. 22:3.

THABELA HO BA MOCHA OA MOKRESTE

18, 19. Motho o lokela ho etsa’ng haeba a sa thahaselle ho sebeletsa Jehova?

18 Haeba u se u hlaoletse takatso ea ho sebeletsa Jehova, thabela menyetla e tlisoang ke ho mo sebeletsa bocheng. Etsa liqeto tse tla u nolofalletsa hore u mo sebeletse nakong ena e thabisang.—Pes. 148:12, 13.

19 Ka lehlakoreng le leng, u lokela ho etsa’ng haeba u sa thahaselle ho sebeletsa Jehova? U se ke ua khaotsa ho imatlafatsa tumelong. Ka mor’a hore moapostola Pauluse a hlalose hore o leka ho phela ka tsela e tla etsa hore Molimo a mo hlohonolofatse, o ile a ngola a re: “Haeba likelello tsa lōna li sekametse hosele tabeng leha e le efe, Molimo o tla le senolela boikutlo bo ka holimo. Leha ho le joalo, ho ea bohōleng boo ho bona re hatetseng pele, a re tsoeleng pele re tsamaea ka ho laolehileng ka mokhoa ona o tšoanang.” (Bafil. 3:15, 16) Tsoela pele ho nahana ka lerato leo Molimo a u ratang ka lona le keletso ea hae e bohlale. Jehova ke eena ea ka u thusang hore u etse liqeto tse bohlale bocheng.