Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Afrika Bophirimela

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Afrika Bophirimela

LE HOJA Pascal a hōletse sebakeng se futsanehileng sa Côte d’Ivoire, o ne a lakatsa ho phela bophelo bo monate. Kaha e ne e le ralitebele oa maithutoana, o ne a ee a ipotse, ‘Ebe ke hokae moo nka fumanang monyetla oa ho ba khalala lipapaling ’me ke be morui?’ Ha a le lilemo li ka bang 25, o ile a etsa qeto ea ho ea Europe. Empa kaha o ne a se na litokomane tsa ho eta, o ne a tla tlameha ho kena Europe ka matšoephelele.

Pascal o ile a qala leeto la ho ea Europe ka 1998, ha a le lilemo li 27. A tšela maliboho a Ghana, a tsamaea ka har’a naha ea Togo le Benin, ’me qetellong a fihla toropong ea Birni Nkonni naheng ea Niger. Joale o ile a qala ho tobana le mathata. E le hore a ee karolong e ka leboea, o ne a lokela ho palama teraka ’me a haole Lehoatateng la Sahara. E re ha a fihla Mediterranean, a palame sekepe se eang Europe. O ne a rerile lintho ka tsela eo, empa ha a le Niger, ho ile ha etsahala lintho tse peli tse ileng tsa mo sitisa.

Ntho ea pele, o ile a felloa ke chelete. Ea bobeli, o ile a kopana le pula-maliboho ea bitsoang Noé, ea ileng a qala ho ithuta Bibele le eena. Lintho tseo a ileng a ithuta tsona li ile tsa mo ama ka ho teba ’me tsa fetola tsela eo a neng a talima bophelo ka eona. Ho e-na le ho hahamalla lintho tse bonahalang o ile a qala ho thahasella lintho tsa moea. Pascal o ile a kolobetsoa ka December 1999. Ho bontša hore o leboha Jehova, ka 2001 o ile a qala ho bula maliboho naheng ea Niger—toropong eo a ileng a ithuta ’nete ho eona. O ikutloa joang ka tšebeletso ea hae? O re, “Ena ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea bophelo!”

BA FUMANA BOPHELO BO KHOTSOFATSANG—AFRIKA

Anne-Rakel

Feela joaloka Pascal, batho ba bangata baa elelloa hore ho hahamalla lipakane tsa moea ho khotsofatsa e le kannete. Hore ba finyelle lipakane tseo, ba bang ba tlohile Europe ’me ba fallela Afrika hore ba sebeletse libakeng tseo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng ba ’Muso. Ha e le hantle, Lipaki tse ka bang 65 tse tsoang Europe—tse lilemo li pakeng tsa 17 le 70—li ile linaheng tsa Afrika Bophirimela tse kang Benin, Burkina Faso, Niger le Togo ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo. * Ke eng e ileng ea ba susumetsa hore ba ee hōle hakaalo, hona lintho li ile tsa ba tsamaela joang?

Anne-Rakel ea tsoang Denmark o re: “Batsoali ba ka e ne e le baromuoa Senegal. Tsela eo ba neng ba cheseha ka eona ha ba bua ka boromuoa e ile ea etsa hore ke bo rate.” Lilemong tse ka bang 15 tse fetileng, ha Anne-Rakel a ne a sa tsoa feta lilemo tse 20, o ile a fallela Togo moo a ileng a thusa phuthehong ea puo ea matsoho. Ho falla ha hae ho ile ha khothatsa ba bang joang? O re: “Hamorao khaitseli ea ka le ngoan’eso oa ngoanana ba ile ba fallela Togo.”

Albert-Fayette le Aurele

 Aurele, e leng mor’abo rōna ea nyetseng ea lilemo li 70 oa Fora, o re: “Lilemong tse hlano tse fetileng, ha ke tlohela mosebetsi, ke ile ka lokela ho etsa khetho: ho raha qhebelele naheng ea Fora ke emetse Paradeise kapa ho eketsa tšebeletso ea ka.” Aurele o ile a eketsa tšebeletso ea hae. Hoo e ka bang lilemo tse tharo tse fetileng, o ile a fallela Benin le mosali oa hae Albert-Fayette. O re: “Ho ithaopela ho sebeletsa Jehova mona ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo re kileng ra e etsa.” A bososela o phaella ka ho re, “Hoa thabisa hore ebe libaka tse ling tsa tšimo ea rōna tse lebōpong la leoatle li ntle joaloka Paradeise.”

Lilemong tse 16 tse fetileng, Clodomir le mosali oa hae, Lysiane, ba ile ba fallela Benin ba tsoa Fora. Qalong, ba ne ba hloloheloa ba lelapa le metsoalle haholo ’me ba tšoenyehile ka hore ba ke ke ba khona ho tloaela bophelo bo bocha. Leha ho le joalo, ba ne ba sa lokela ho tšoenyeha. Ba ile ba thaba haholo. Clodomir o re: “Ka lilemo tsena tse 16 re bile le tokelo ea ho thusa bonyane motho a le mong ka selemo hore a amohele ’nete.”

Lysiane le Clodomir ba na le ba bang bao ba ba thusitseng ho ithuta ’nete

Johanna le Sébastien

Sébastien le Johanna, e leng banyalani ba tsoang Fora, ba ile ba fallela Benin ka 2010. Sébastien o re: “Ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa ka phuthehong. Kahoo re ithuta lintho tse ngata ka potlako!” Na batho ba amohela molaetsa? Johanna o re: “Batho ba nyoretsoe ’nete. Leha re se tšimong, baa re emisa ebe ba re botsa lipotso tsa Bibele ’me ba batle lingoliloeng tsa rōna.” Ho fallela Benin ho amme banyalani bao joang? Sébastien o re: “Ho matlafalitse lenyalo la rōna. Ho monate ho qeta letsatsi lohle ke sebetsa le mosali oa ka tšimong.”

Eric le mosali oa hae, Katy, ke bo-pula-maliboho motseng o ka leboea oa Benin o se nang baahi ba bangata. Lilemong tse ka bang leshome tse fetileng, ha ba ntse ba le Fora ba ile ba qala ho bala lihlooho tse buang ka ho sebeletsa moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng le ho buisana le basebeletsi ba nako e tletseng. Sena se ile sa etsa hore ba be le takatso ea ho fallela naheng e ’ngoe, e leng seo ba ileng ba se etsa ka 2005. Ho bona ha bahoeletsi ba eketseha ho ile ha ba thabisa haholo. Eric o re: “Lilemong tse peli tse fetileng sehlopha sa rōna se toropong ea Tanguiéta se ne se e-na le bahoeletsi ba 9; hona joale ba se ba le 30. Batho ba bang teng libokeng ka Sontaha ba ka ba pakeng tsa 50 le 80. Ho bona khōlo ena ho re tlisetsa thabo e ke keng ea lekanngoa!”

Katy le Eric

LEMOHA LIPHEPHETSO U BE U LI HLŌLE

Benjamin

Ke liphephetso life tseo ba bang ba sebeletsang moo ho nang le tlhokahalo ba tobanang le tsona? Benjamin  ea lilemo li 33, ke khaitseli ea Anne-Rakel. Ka 2000 ha a le Denmark, o ile a kopana le moromuoa oa Togo. Benjamin o re: “Ha ke mo bolella hore ke batla ho ba pula-maliboho o ile a re: ‘Ua tseba ke’ng, u ka bula maliboho Togo.’” Benjamin o ile a nahana ka sena. O re: “Ka nako eo ke ne ke e-s’o be le lilemo tse 20, empa bo-ausi ba ka ba babeli ba ne ba se ba ntse ba bula maliboho Togo. Sena se ile sa ’nolofalletsa hore ke ee moo.” Kahoo, o ile a falla. Empa ho ne ho ntse ho e-na le bothata. Benjamin o re: “Ke ne ke sa tsebe le lentsoe le le leng la Sefora. Likhoeling tsa pele tse tšeletseng ho ne ho le thata hobane ke ne ke sa khone ho bua le batho.” Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta o ile a khona ho bua le batho. Hona joale Benjamin o sebetsa Bethele ea Benin, o tsamaisa lingoliloeng ebile o thusa lefapheng la lik’homphieutha.

Marie-Agnès le Michel

Eric le Katy, bao ho builoeng ka bona pejana, ba ne ba sebetsa tšimo ea batho ba buang puo e ’ngoe Fora pele ba fallela Benin. Afrika Bophirimela e ne e fapane joang le moo? Katy o re: “Ho ne ho le thata ho fumana sebaka se loketseng seo re ka lulang ho sona. Re ile ra lula ntlong e se nang motlakase le metsi ka likhoeli tse ngata.” Eric o phaella ka ho re: “Baahelani ba ne ba letsa ’mino o lerata ho fihlela bosiu haholo. Re ne re lokela ho mamella lintho tse kang tseo ’me re ikemisetse ho tenyetseha.” Ka bobeli ba re: “Mathata ao re tobanang le ’ona hase letho ha a bapisoa le thabo e tlisoang ke ho bolela molaetsa oa ’Muso tšimong e-s’o ka e sebetsoa.”

Michel le Marie-Agnès, e leng banyalani ba tsoang Fora ba habileng ho ba lilemo li 60, ba ile ba fallela Benin hoo e ka bang lilemong tse hlano tse fetileng. Qalong ba ne ba tšoenyehile. Michel o re: “Ba bang ba ile ba bapisa ho falla ha rōna le motho ea khannang kiribae lintšing tsa selomo—’me re le ka har’a kiribae eo! U ne u tla tšoha haeba u sa tsebe hore motho ea khannang kiribae eo ke Jehova. Kahoo, re ile ra tsamaea ho ea sebeletsa Jehova ’me o ile a re tšehetsa.”

KAMOO U KA ITOKISANG KATENG

Batho ba kileng ba sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ba re ke habohlokoa hore motho a etse se latelang: Ho rera esale pele. Ho ithuta ho tenyetseha. Ho reka feela seo u rerileng ho se reka. Ho tšepa Jehova.—Luka 14:28-30.

Sébastien, eo ho buuoeng ka eena pejana o re: “Pele re falla, ’na le Johanna re ile ra boloka chelete ka lilemo tse peli ka hore re fokotse chelete eo re e sebelisang bakeng sa boithabiso le ka ho se reke lintho tse sa hlokahaleng.” Hore ba tsoele pele ho bula maliboho Benin, ba sebetsa Europe ka likhoeli tse seng kae selemo le selemo, ebe ba bula maliboho ka tse setseng.

Marie-Thérèse

 Marie-Thérèse ke e mong oa baralib’abo rōna ba 20 ba masoha ba tsoang mose ba sebeletsang moo ho nang le tlhokahalo Afrika Bophirimela. E ne e le mokhanni oa libese Fora; eaba ka 2006 o nka matsatsi a phomolo mosebetsing e le hore a bule maliboho Niger. Ho e-s’o ee kae, o ile a kholiseha hore bona ke bona bophelo boo a neng a batla ho bo phela. Marie-Thérèse o re: “Ha ke khutlela Fora, ke ile ka bolella mohiri oa ka hore ke lakatsa ho fetola nako ea ka ea mosebetsi, ’me a lumela. Hona joale ke khanna libese Fora ho tloha ka May ho fihlela ka August, ’me ho tloha ka September ho fihlela ka April, ke bula maliboho Niger.”

Saphira

Ba ‘batlang ’Muso pele’ ba ka tšepa hore Jehova o tla ba fa ‘lintho tse ling tse hlokahalang.’ (Mat. 6:33) Ka mohlala: Nahana ka se ileng sa etsahalla Saphira, e leng morali’abo rōna oa lesoha ea tsoang Fora ea lilemo li ka bang 30 ea bulang maliboho Benin. Ka 2011, o ile a khutlela Fora ho ea sebetsa e le hore a fumane chelete e tla mo jara selemo kaofela (e leng sa botšelela) Afrika. Saphira o re: “E ne e le Labohlano ’me e le letsatsi la ka la ho qetela mosebetsing, empa ke ne ke sa ntse ke hloka ho sebetsa matsatsi a mang a leshome e le hore ke fumane chelete ea ho iphelisa selemong se latelang. Ke ne ke saletsoe ke libeke tse peli feela Fora. Ke ile ka rapela Jehova, ka mo hlalosetsa boemo ba ka. Ka mor’a nakoana, k’hamphani e batlelang batho mosebetsi e ile ea ntetsetsa ea mpotsa hore na nka sebetsa libeke tse peli bakeng sa motho ea itseng.” Ka Mantaha, Saphira o ile a ea moo e le hore motho eo a mo koetlisetse mosebetsi. O re: “Ha ke fihla moo ke ile ka ema le ho makala ha ke fumana hore ke morali’abo rōna ea neng a hloka matsatsi a leshome a ho ea Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho! Mookameli oa hae o ne a re haeba ho se na motho ea ka etsang mosebetsi oa hae a ke ke a mo fa matsatsi. O ne a ile a kōpa thuso ho Jehova—joalokaha le ’na ke ile ka e kōpa.”

MOHLOLI OA HO KHOTSOFALA E LE KANNETE

Bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba sebelelitse Afrika Bophirimela ka lilemo tse ngata ’me ba se ba nka e le ha habo bona. Ba bang ba lutse teng lilemo tse seng kae eaba ba khutlela ha habo bona. Empa phihlelo eo ba e fumaneng moo e ntse e ba tsoela molemo le kajeno. Ba ile ba hlokomela hore ho sebeletsa Jehova ho khotsofatsa e le kannete.

^ ser. 6 Lekala la Benin le hlokomela mosebetsi o etsoang linaheng tsena tse ’nè tseo ho tsona ho buuoang Sefora.