Fetela boitsebisong

Na Lipaki Tsa Jehova li Itsoakanya le Malumeli a Mang?

Na Lipaki Tsa Jehova li Itsoakanya le Malumeli a Mang?

Lipaki Tsa Jehova li thabela ho buisana le batho ba malumeli a fapaneng ka Bibele, empa ha li kenelle bolumeling bo itseng e le hore li ka rapela le bona. Bibele e re Bakreste ba ’nete ba ‘kopantsoe hammoho’ ’me ba kopantsoe ke tumelo ea bona. (Baefese 4:16; 1 Bakorinthe 1:10; Bafilipi 2:2) Kopano ena ha e tlisoe feela ke ho bontšana makhabane a kang lerato, mosa le ho tšoarelana. Empa tumelo ea Lipaki tsa Jehova e thehiloe Bibeleng.​—Baroma 10:2, 3.

Bibele e re ho itsoakanya ha malumeli a fapa-fapaneng ho tšoana le ho kena jokong e sa lekaneng ’me ho itsoakanya hoo ho ka etsa hore tumelo ea Mokreste e be kotsing. (2 Bakorinthe 6:14-17) Kahoo, Jesu ha aa ka a lumella barutuoa ba hae ho itsoakanya le malumeli a mang. (Matheu 12:30; Johanne 14:6) Ka ho tšoanang, Moshe o ile a bolella Baiseraele Molao oa Molimo o neng o ba thibela ho itsoakanya le batho ba bolumeli bo fapaneng. (Exoda 34:11-14) Hamorao Baiseraele ba tšepahalang ba ile ba hana ho etsa lilekane le malumeli a mang.​—Esdrase 4:1-3.

Na Lipaki Tsa Jehova li buisana le batho ba malumeli a mang ka Bibele?

E! Ka selemo sa 2015 li qetile lihora tse 1 933 473 727 li bolella batho li litaba tse molemo tse tsoang ka Bibeleng. Joaloka moapostola Pauluse, Lipaki Tsa Jehova li leka ho utloisisa hore na batho ba malumeli a mang ba lumela’ng. (1 Bakorinthe 9:19-22) Ha li buisana le batho bang li etsa ka hohle hore li sebelise likeletso tsa Bibele ho bontša “tlhompho e tebileng” ho batho.​—1 Petrose 3:15.