Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha le ea ka Ntlo le Ntlo?

Ke Hobane’ng ha le ea ka Ntlo le Ntlo?

Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 28:19, 20) Ha Jesu a romela barutuoa ba hae ba pele, o ile a ba laela hore ba ee matlung a batho. (Matheu 10:7, 11-13) Ka mor’a lefu la Jesu, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba tsoela pele ho bolela molaetsa oa bona “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” (Liketso 5:42; 20:20) Re etsisa mohlala oa Bakreste bao ba lekholong la pele ’me rea elelloa hore tšebeletso ea ntlo le ntlo ke tsela e ntle ea ho finyella batho.