Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Haeba ha ke sa Batla ho Phela

Haeba ha ke sa Batla ho Phela

 Jonathan ea lilemo li 17 o re: “Lilemong tsa ho feta, ke ne ke tšoenyehile haholo hoo e neng eka ke loantšana le ho tima mollo. Nakong eo, ke ne ke utloa eka nka ipolaea empa bonneteng feela ke ne ke sa batle ho shoa. Ke ne ke mpa fela ke batla ho felisa mathata a ka.”

 Ha ho etsoa lipatlisiso, ho ile ha fumanoa hore baneng ba 14 000 ba likolong tse phahameng, a le mong ho ba bahlano o ile a lumela hore likhoeling tse 12 tse fetileng o ile a nahana ho ipolaea. a Ha u utloa eka ha u sa batla ho phela, u lokela ho etsa’ng?

  •   Ema hanyane. Itjoetse hore u ke ke oa nkuoa ke maikutlo. Le hoja ho ka bonahala ho le thata ho sebetsana le mathata a hao, ho na le lintho tseo u ka li etsang tse ka u thusang hore u rarolle mathata a hao.

 U ka utloa eka mathata a hao ha a khone ho rarolleha. Empa taba ea hore u ikutloa joalo ha e bolele hore taba eo ke ’nete. Ho na le lintho tse tla u thusa ho sebetsana le bothata ba hao, ha feela u ka fumana thuso e nepahetseng u tla khona ho rarolla bothata ba hao.

  •  Keletso ea Bibele: “Re petelitsoe ka hohle empa ha rea petetsoa hoo re ke keng ra sisinyeha, re tsielehile empa ha se hore ho hang ha re na tsela ea ho tsoa.”​—2 Bakorinthe 4:8.

     Keletso: Haeba maikutlo a ho ipolaea a le matla haholo kapa u lula u nahana ka ’ona, leka ho fumana lintho tse tla u thusa. Mohlomong u ka founela sepetlele kapa batho ba thusang batho ba nang le maikutlo a ho ipolaea. Batho ba sebetsang moo, ba koetliselitsoe ho thusa batho ’me ba batla ho u thusa.

  •   Bua le motho e mong. Ho na le batho ba u khathallang le ba batlang ho u thusa. Batho bana ba ka akarelletsa metsoalle le ba lelapa ’me ba ke ke ba tseba bothata ba hao ntle le haeba u ba bolella.

 Batho ba bang ba hloka likhalase tsa mahlo hore ba khone ho bona hantle. Ka tsela e tšoanang, motsoalle a ka u thusa hore u sebetsane le mathata a hao hantle le hore u boele u thabele ho phela.

  •  Keletso ea Bibele: “Motsoalle oa ’nete . . . ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.”​—Liproverbia 17:17.

     Keletso: E le hore u qale moqoqo u ka ’na oa re: “E se e le nako ke tleloa ke maikutlo a fosahetseng. Na nka bua le uena ka oona?” Kapa u ka ’na oa re: “Ke na le mathata ao ke sa khoneng hoa lokisa. Na u ka khona ho nthusa?”

  •   E-ea ngakeng. Ho tšoenyeha haholo kapa ho ba le khatello ea maikutlo ho ka etsa hore batho ba se ke ba thabela ho phela. Litaba tse monate ke hore lintho tsena li le peli li khona ho fola.

 Feela joalokaha ho tšoaroa ke sefuba ho ka etsa hore u se ke oa ba le takatso ea lijo, ho ba le khatello ea maikutlo ho ka etsa hore u se ke oa batla ho phela. Leha ho le joalo, mafu ana a mabeli a khona ho phekoleha.

  •  Keletso ea Bibele: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka.”​—Matheu 9:12.

     Keletso: Robala ka ho lekaneng, ikoetlise u be u je lijo tse nang le phepo e ntle. Ho phela hantle ’meleng ho ka etsa hore u ikutloe hantle.

  •   Rapela. Bibele e re ’Mopi oa rona “o moholo ho lipelo tsa rona ebile o tseba lintho tsohle.” (1 Johanne 3:​20) Ke hobane’ng ha u sa qale ho mo rapela kajeno? Sebelisa lebitso la hae e leng Jehova ’me u mo bolelle hore na u ikutloa joang.

 Mathata a mang ho ka ba thata hore u itjarele ’ona. Jehova ’Mopi oa hao o ikemiselitse ho u thusa.

  •  Keletso ea Bibele: “Le mo kope ka tieo hore a le tataise linthong tsohle . . . Ha le etsa joalo, Molimo o tla lebela lipelo tsa lona le menahano ea lona ka ho le fa khotso eo batho ba ke keng ba e utloisisa.”​—Bafilipi 4:​6, 7.

     Keletso: Ntho e ’ngoe eo u ka e etsang kantle le ho bolella Jehova bothata ba hao, u ka leka ho nahana ka ntho e le ’ngoe e ntle ebe u mo leboha ka eona. (Bakolose 3:​15) Ho bontša kananelo ho ka u thusa hore u nahane haholo ka lintho tse ntle tse u etsahallang bophelong.

 Haeba u nahana hore ha ho bohlokoa ho phela, batla thuso. Ke eona ntho eo Jonathan eo re buileng ka eena qalong a ileng a e etsa. O re: “Ke ne ke hloka ho bua le batsoali ba ka haholo ebile ke ne ke hloka thuso ea lingaka. Empa hona joale ke ikutloa ke le hantle. Le hoja ka linako tse ling ke ikutloa ke sa thaba, ha ke sa nahana ka ho ipolaea.”

a Lipatlisiso tsena li entsoe ka 2019 ke U.S. Centers for Disease Control and Prevention.