Fetela boitsebisong

Na Bibele e ka Nthusa Haeba ke Tepeletse Maikutlo?

Na Bibele e ka Nthusa Haeba ke Tepeletse Maikutlo?

Karabo ea Bibele

E, e ka u thusa hobane thuso e molemo ka ho fetisisa e tsoa ho ‘Molimo oa rōna ea nang le kutloelo-bohloko, ea tšelisang, ea khothatsang, ea khathollang le ea hlasimollang ba tepeletseng maikutlo.’​—2 Bakorinthe 7:6, The Amplified Bible.

Seo Molimo a se fang batho ba tepelletseng maikutlo

  • Matla. Molimo o u ‘khatholla le ho u hlasimolla’ e seng ka ho tlosa mathata ’ohle a hao, empa ka ho arabela lithapelo tsa hao ha u rapella hore a u fe matla a ho sebetsana le mathata ka katleho. (Bafilipi 4:13) U ka kholiseha hore Molimo o itokiselitse ho u mamela, etsoe Bibele e re: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.” (Pesaleme ea 34:18) Ha e le hantle, Molimo a ka utloa mohoo oa hao o kōpang thuso esita le haeba u sitoa ho hlalosa tsela eo u ikutloang ka eona.​—Baroma 8:26, 27.

  • Mehlala e metle. Mongoli e mong oa Bibele o ile a rapela Molimo a re: “Ke ipiletsa ho uena . . . ke le tlase-tlase.” Mopesaleme enoa o ile a sebetsana le ho tepella maikutlo ka hore a ikhopotse hore Molimo o tšoarela libe tsa rōna. O ile a re ho Molimo: “Morena, ha u tšoaea liphoso, u tšoaea phoso tsa rōna, ke mang Morena, ea ka phelang? Empa uena ua re tšoarela, e le hore re tle re u hlomphe.”​—Pesaleme ea 130:1, 3, 4, Bibele—Phetolelo e Ncha.

  • Tšepo. Ntle le hore Molimo o fana ka matšeliso hona joale, o tšepisitse hore o tla tlosa mathata ’ohle a tepeletsang maikutlo. Ha a phethahatsa tšepiso eo, “lintho tsa pele [ho akarelletsa le ho tepella maikutlo] li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.”​—Esaia 65:17.

Tlhokomeliso: Le hoja Lipaki Tsa Jehova li lemoha thuso eo Molimo a fanang ka eona, li boetse li batla thuso ea lingaka ha li tšoeroe ke boloetse ba ho tepella maikutlo. (Mareka 2:17) Leha ho le joalo, ha re buelle mofuta o itseng oa phekolo ka ho khetheha; re lumela hore motho e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto litabeng tse joalo.