Fetela boitsebisong

Na Boprofeta bo Buang ka Mesia bo Paka Hore Jesu e ne e le Mesia?

Na Boprofeta bo Buang ka Mesia bo Paka Hore Jesu e ne e le Mesia?

Karabo ea Bibele

E, ho joalo. Ha Jesu a ntse a le lefatšeng o ile a phethahatsa boprofeta bo bongata bo buang ka “Mesia Moeta-pele,” le eo e neng e tla ba “Mopholosi oa lefatše.” (Daniele 9:​25; 1 Johanne 4:​14) Esita le ka mora lefu la hae, Jesu o ile a tsoela pele ho phethahatsa boprofeta bo buang ka Mesia.​—Pesaleme ea 110:1; Liketso 2:​34-36.

 Lentsoe “Mesia” le bolela’ng?

Lentsoe la Seheberu Ma·shiʹach (Mesia) le la Segerike Khri·stos (Kreste) ka bobeli a bolela “Motlotsuoa.” Kahoo, “Jesu Kreste” e bolela “Jesu Motlotsuoa,” kapa “Jesu Mesia.”

Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, motho o ne a tlotsoa hlooho ka oli ha a ne a khetheloa mosebetsi o itseng oa bolaoli. (Levitike 8:​12; 1 Samuele 16:​13) Molimo o ile a khetha Jesu hore e be Mesia. Sena se bolela hore o fuoe matla a maholo. (Liketso 2:​36) Jesu ha aa ka a tlotsoa ka oli empa Molimo o ile a mo tlotsa ka moea o halalelang.​—Matheu 3:16.

 Na boprofeta bo buang ka Mesia bo ne bo ka phethahatsoa ke batho ba bangata?

Che. Joalokaha khatiso ea monoana oa motho e mong le e mong e ikhethile, le boprofeta ba Bibele bo buang ka Mesia kapa Kreste, bo phethahetse ho motho a le mong. Empa Bibele e ile ea lemosa hore ho tla hlaha “bo Kreste ba bohata le baprofeta ba bohata ’me ba tla etsa lipontšo le limakatso tse kholo e le hore ba khelose esita le bakhethoa, haeba ho khoneha.”​—Matheu 24:24.

 Na re ka lebella hore Mesia o ntse a tla tla?

Che. Bibele e ile ea bolela esale pele hore Mesia o ne a tla tsoa lelokong la Morena Davida oa Iseraele. (Pesaleme ea 89:​3, 4) Leha ho le joalo, litlaleho tsa maloko tsa Bajuda, tse neng li ka paka hore motho ke setloholo sa Davida, li ile tsa lahleha. E ka ’na eaba sena se etsahetse ha Baroma ba ne ba timetsa Jerusalema ka selemo sa 70. * Ho tloha ka nako eo, ho ne ke ke ha khoneha hore motho a pake hore o tsoa lelokong la borena la Davida. Empa ha Jesu a ntse a le lefatšeng, litlaleho tseo li ne li ntse li le teng ’me lira tsa hae li ne li sitoa ho hanyetsa hore o tsa lelokong la Davida.​—Matheu 22:​41-​46.

 Boprofeta bo buang ka Mesia bo hlaha ka makhetlo a makae ka Bibeleng?

Re ke ke ra bolela ka ho toba hore na ho profetiloe ka Mesia ka makhetlo a makae. Ka mohlala, batho ba ka bala boprofeta ka mekhoa e fapaneng, le litemaneng tseo ho hlakileng hore li bua ka Mesia. Lengolong la Esaia 53:​2-7, ho buuoe ka lintlha tse ’maloa tse buang ka boprofeta ba Mesia. Batho ba bang ba nka litemana tsena e le boprofeta bo le bong, ha ba bang bona ba ka khetha ho qolla ntlha ka ’ngoe e le boprofeta bo ikemetseng.

 Bo bong ba boprofeta bo buang ka Mesia boo Jesu a bo phethahalitseng

Boprofeta

Bo hlaha ho

Bo phethahala ho

E ne e tla ba setloholo sa Abrahama

Genese 22:​17, 18

Matheu 1:1

E ne e tla ba setloholo sa Isaka mora oa Abrahama

Genese 17:19

Matheu 1:2

O ne a tla hlaha lelokong la Juda la Iseraele

Genese 49:10

Matheu 1:​1, 3

O ne a tla hlaha lelokong la borena la Morena Davida

Esaia 9:7

Matheu 1:1

O ne a tla tsoaloa ke moroetsana

Esaia 7:14

Matheu 1:​18, 22, 23

O ne a tla hlahela Bethlehema

Mikea 5:2

Matheu 2:​1, 5, 6

O ne a tla bitsoa Emanuele *

Esaia 7:​14

Matheu 1:​21-​23

O ne a tla hlahela lelapeng le futsanehileng

Esaia 53:2

Luka 2:7

Masea a ne a tla bolaoa ka mor’a hore Mesia a tsoaloe

Jeremia 31:15

Matheu 2:​16-​18

O ne a tla bitsoa a le Egepeta

Hosea 11:1

Matheu 2:​13-​15

O ne a tla bitsoa Monazaretha *

Esaia 11:1

Matheu 2:​23

O ne a tla etelloa pele ke lenqosa

Malakia 3:1

Matheu 11:​7-​10

O ne a tla tlotsoa hore e be Mesia ka selemo sa 29 *

Daniele 9:​25

Matheu 3:​13-​17

Molimo o ne a tla phatlalatsa hore ke Mora oa hae

Pesaleme ea 2:7

Liketso 13:​33, 34

O ne a tla chesehela ntlo ea Molimo

Pesaleme ea 69:9

Johanne 2:​13-​17

O ne a tla bolela litaba tse monate

Esaia 61:1

Luka 4:​16-​21

Mosebetsi oo a neng a tla o etsa Galilea o ne o tla khantša leseli

Esaia 9:​1, 2

Matheu 4:​13-​16

O ne a tla etsa mehlolo joaloka Moshe

Deuteronoma 18:15

Liketso 2:​22

O ne a tla bua menahano ea Molimo joaloka Moshe

Deuteronoma 18:​18, 19

Johanne 12:49

O ne a tla phekolo ba bangata

Esaia 53:4

Matheu 8:​16, 17

O ne a ke ke a ipitsetsa mahlo a batho

Esaia 42:2

Matheu 12:​17, 19

O ne a tla ba le kutloelo-bohloko ho batho ba nang le mathata

Esaia 42:3

Matheu 12:​9-​20; Mareka 6:​34

O ne a tla bontša hore Molimo o na le toka

Esaia 42:​1, 4

Matheu 12:​17-​20

E ne e tla ba moeletsi ea tsotehang

Esaia 9:​6, 7

Johanne 6:​68

O ne a tla tsebisa batho lebitso la Jehova

Pesaleme ea 22:22

Johanne 17:6

O ne a tla ruta ka lipapiso

Pesaleme ea 78:2

Matheu 13:​34, 35

E ne e tla ba moeta-pele

Daniele 9:​25

Matheu 23:10

Ba bangata ba ne ba ke ke ba lumela ho eena

Esaia 53:1

Johanne 12:​37, 38

E ne e tla ba lejoe le khopang

Esaia 8:​14, 15

Matheu 21:​42-​44

Batho ba ne ba ke ke ba mo amohela

Pesaleme ea 118:​22, 23

Liketso 4:​10, 11

O ne a tla hlouoa ntle ho le lebaka

Pesaleme ea 69:4

Johanne 15:​24, 25

O ne a tla rorisoa ha a kena Jerusalema a palame esele

Zakaria 9:9

Matheu 21:​4-9

O ne a tla rorisoa ke bana

Pesaleme ea 8:2

Matheu 21:​15, 16

O ne a tla tla ka lebitso la Jehova

Pesaleme ea 118:26

Johanne 12:​12, 13

O ne a tla ekoa ke motsoalle oa hae

Pesaleme ea 41:9

Johanne 13:18

Ea neng a tla mo eka o ne a tla fuoa likotoana tse 30 tsa silevera *

Zakaria 11:​12, 13

Matheu 26:​14-​16; 27:​3-​10

Metsoalle ea hae e ne e tla mo lahla kherehloa

Zakaria 13:7

Matheu 26:​31, 56

Lipaki tsa bohata li ne li tla fana ka bopaki khahlanong le eena

Pesaleme ea 35:11

Matheu 26:​59-​61

O ne a tla thola ha a qosoa

Esaia 53:7

Matheu 27:​12-​14

O ne a tla tšoeloa ka mathe

Esaia 50:6

Matheu 26:​67; 27:​27, 30

O ne a tla otloa hloohong

Mikea 5:1

Mareka 15:19

Ba ne ba tla mo shapa

Esaia 50:6

Johanne 19:1

O ne a ke ke a itoanela ha a otloa

Esaia 50:6

Johanne 18:​22, 23

Baeta-pele ba ’muso ba ne ba tla mo rerela bolotsana

Pesaleme ea 2:2

Luka 23:​10-​12

O ne a tla kokoteloa maoto le matsoho palong

Pesaleme ea 22:16

Matheu 27:​35; Johanne 20:25

Batho ba ne ba tla lahla lotho (becha) bakeng sa liaparo tsa hae

Pesaleme ea 22:18

Johanne 19:​23, 24

O ne a tla balelloa har’a baetsalibe

Esaia 53:12

Matheu 27:38

O ne a tla songoa a be a rohakoe

Pesaleme ea 22:​7, 8

Matheu 27:​39-​43

O ne a tla utloa bohloko molemong oa baetsalibe

Esaia 53:​5, 6

1 Petrose 2:​23-​25

Ho ne ho tla bonahala eka Molimo o mo lahlile

Pesaleme ea 22:1

Mareka 15:34

O ne a tla fuoa asene le nyooko hore a li noe

Pesaleme ea 69:21

Matheu 27:34

O ne a tla nyoroa pele a shoa

Pesaleme ea 22:15

Johanne 19:​28, 29

O ne a tla beha bophelo ba hae ho Molimo

Pesaleme ea 31:5

Luka 23:46

O ne a tla tela bophelo ba hae

Esaia 53:12

Mareka 15:37

O ne a tla fana ka sehlabelo e le hore sebe se ka fela

Esaia 53:12

Matheu 20:28

Masapo a hae a ne a ke ke a rojoa

Pesaleme ea 34:20

Johanne 19:​31-​33, 36

O ne a tla hlajoa

Zakaria 12:10

Johanne 19:​33-​35, 37

O ne a tla patoa le barui

Esaia 53:9

Matheu 27:​57-​60

O ne a tla tsosoa bafung

Pesaleme ea 16:10

Liketso 2:​29-​31

Moeki oa hae o ne a tla nkeloa sebaka ke motho e mong

Pesaleme ea 109:8

Liketso 1:​15-​20

O ne a tla lula ka letsohong le letona la Molimo

Pesaleme ea 110:1

Liketso 2:​34-​36

^ ser. 5 Buka ea McClintock and Strong’s Cyclopedia e re: “Ha ho pelaelo hore litlaleho tsa maloko a Bajuda li ile tsa senyeha ha Jerusalema e timetsoa, eseng pele ho moo.”

^ ser. 40 Lebitso lena la Seheberu Emanuele, le bolela “Molimo o na le Rona,” le hlalosa hantle mosebetsi oo Jesu a o etsang e le Mesia. Taba ea hore o ile a tla lefatšeng le mesebetsi ea hae li bontša hantle hore Molimo o na le bahlanka ba hae.​—Luka 2:​27-​32; 7:​12-​16.

^ ser. 52 Ho bonahala lentsoe “Monazaretha” le tsoa lentsoeng la Seheberu neʹtser, le bolela’ng “lehlomela.”

^ ser. 58 E le ho bona bopaki ba Bibele ba hore Mesia o fihlile ka selemo sa 29, sheba sehlooho se re’ng, “Kamoo Boprofeta ba Daniele bo Bolela’ng ho Fihla ha Mesia Esale Pele Kateng.”

^ ser. 127 Boprofeta bona bo hlaha lengolong la Zakaria empa Matheu o re ho ile “ha phethahala se ileng sa buuoa ka moprofeta Jeremia.” (Matheu 27:9) Ho bonahala eka ka linako tse ling buka ea Jeremia e ne e hlaha qalong karolong ea Mangolo a bitsoang libuka tsa ‘Baprofeta.’ (Luka 24:​44) Ho bonahala ha Matheu a ne a bua ka “Jeremia” o ne a bolela libuka tsohle tsa baprofeta, ho akarelletsa le buka ea Zakaria.