Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Melemo e Tliswang ke ho Hlokomelwa ke Modimo

Melemo e Tliswang ke ho Hlokomelwa ke Modimo

Modimo o bopile mmele ya rona ka tsela e hlollang ya hore e kgone ho fola ka bo yona. E nngwe ya dibuka tsa Johns Hopkins, e bontsha hore ha motho ya phetseng hantle mmeleng ana le leqeba, mmele wa hae “o qala ho nka mehato e hlokahalang e le hore o fodise leqeba leo.” Hanghang mmele o etsa hore o se ke wa hlola o tswa madi mme ha nako e ntse eya leqeba le a kwaleha.

NAHANA KA SENA: Haeba Mmopi a entse hore mmele ya rona e kgone ho fodisa maqeba, na re ke ke ra kgodiseha hore o tla phethahatsa tshepiso ya hae ya hore o tla re thusa ha re imetswe maikutlong? Mongodi e mong wa Pesaleme o ile a re Modimo “o fodisa ba robehileng dipelo, o tlamisa maqeba a bona a bohloko.” (Pesaleme ya 147:3) Haeba o ntse o utlwiswa bohloko ke dintho tse o etsahalletseng nakong e fetileng le tsa hona jwale, o ka kgodiswa keng hore Modimo o tla tlamisa maqeba a hao?

BIBELE E RE RUTA HORE MODIMO O A RE RATA

Modimo o re: “O se ke wa tshoha, ka ha ke na le wena. O se ke wa tadima kwana le kwana, etswe ke nna Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa. Ka sebele ke tla o thusa.” (Esaia 41:10) Haeba motho a tseba hore Jehova o a mo kgathalla, o tla ba le kgotso le matla a ho mamella mathata a sa tshwaneng. Ha moapostola Pauluse a bua ka kgotso ena o ile a re ke “kgotso ya Modimo e fetang monahano ohle.” Ha a tswelapele a re: “Bakeng sa dintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ya mphang bonatla.”—Bafilipi 4:4-7, 9, 13.

Mangolo a re thusa ho ba le tumelo dinthong tseo Jehova a re tshepisang tsona. Ka mohlala, Tšenolo 21:4, 5 e re bolella seo Modimo a tla re etsetsa sona le hore na ke hobaneng ha re lokela ho tshepa hore o tla feela a se etse:

  • “O tla hlakola meokgo yohle” mahlong a batho. Jehova o tla fedisa mathata ohle a rona le dintho tse re tshwenyang, ho sa tsotellehe hore na dinyane hakae.

  • Morena ya Matla Wohle, “Ya dutseng teroneng” a le lehodimong, o na le matla a ho thibela mathata le ho re thusa.

  • Jehova o re tiisetsa hore ditshepiso tsa hae di a ‘tshepahala mme ke tsa nnete.’ Seo lebitso la hae le se bolelang le dintho tseo a ileng a di phethahatsa nakong e fetileng, di a re bontsha hore o tla feela a phethahatse dintho tseo a re tshepisang tsona.

“‘O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e ba teng, mme ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di e ba teng. Dintho tsa pele di fetile.’ Ya dutseng teroneng a re: ‘Bona! Ke etsa hore dintho tsohle di be ntjha.’ Hape, o re: ‘Ngola, hobane mantswe ana a a tshepahala mme ke a nnete.’”—Tšenolo 21:4, 5.

Bibele le popo di re bontsha botho le makgabane a Ntate wa rona ya lehodimong. Ha popo e re susumelletsa ho tseba Modimo le ho ba motswalle wa hae, Bibele yona e re mema ka ho toba e re: “Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona.” (Jakobo 4:8) Ha lengolo la Liketso 17:27 lona le re ha a “hole le e mong le e mong wa rona.”

Ha o ntse o tswelapele ho ithuta ka Jehova, o tla kgodiseha haholwanyane hore ‘o a o tsotella.’ (1 Petrose 5:7) O tla rua melemo efe haeba o tshepa Jehova?

A ko nahane ka mohlala wa Toru ya dulang Japan. Le hoja Toru a hodisitswe ke mme wa Mokreste, o ile a kenela mokgatlo wa dinokwane wa Japan o bitswang yakuza. Ha a hlalosa o re: “Ke ne ke nahana hore Modimo o nhloile. Ke ne ke nka hore ke kotlo e tswang ho yena ha batho bao ke neng ke ba tlwaetse ba hlokahala, haholoholo bao ke neng ke amana le bona.” Toru o re ho ba karolo ya mokgatlo ona ho ile ha etsa hore a be “pelo e mpe mme a be kgopo.” Ha a bua ka seo a neng a se rerile, o re: “Ke ne ke batla ho shwa ke le monyane ebile ke iketseditse lebitso ka hore ke bolaye motho ya tsebahalang ho nfeta.”

Le ha ho le jwalo, ka mora hore Toru le mosadi wa hae Hannah ba ithute Bibele, Toru o ile a etsa diphetoho tse kgolo bophelong ba hae mme a fetola le tsela eo a neng a sheba dintho ka yona. Hannah o re: “Ke ile ka bona ha monna wa ka a fetoha.” Hona jwale Toru o bua a kgodisehile o re: “Ho na le Modimo ya kgathallang e mong le e mong wa rona. Ha a batle ho bona le ha e le mang a shwa, ebile o ikemiseditse ho tshwarela batho ba bakelang diphoso tsa bona. O a re mamela ha re mo bolella dintho tseo re senang ho di bolella motho le ha e le ofe, le tseo ho senang motho ya tla di utlwisisa. Haufinyane Jehova o tla fedisa mathata le dintho tse re utlwisang bohloko. Le kajeno o re thusa ka ditsela tseo re sa di lebellang. O a re rata ebile o a re thusa ha re nyahame.”—Pesaleme ya 136:23.

Jwalo ka ha mohlala wa Toru o bontsha, ho tseba hore haufinyane Modimo o tla tlosa dintho tsohle tse re utlwisang bohloko, ha ho re fe tshepo feela ka bokamoso empa ho boetse ho re thusa hore re thabele bophelo hona jwale. Le hoja re phela lefatsheng le tletseng mathata, o ka kgona hore o rue molemo leratong leo Modimo a re bontshang lona.