Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mang ya re Bakelang Mathata?

Ke Mang ya re Bakelang Mathata?

Haeba ha se Modimo ya re bakelang mathata, jwale ke mang ya bakang dintwa, malwetse a holofatsang, tlala ya bojadikata, dikoduwa tsa tlhaho le bofutsana? Lentswe la Modimo Bibele, le re hlalosetsa mabaka a mararo a etsang hore batho ba be le mathata:

  1. Boithati, Meharo le Lehloyo. ‘Motho o busitse motho ho mo ntsha kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Hangata baithati le batho ba senang lerato, ke bona ba bakelang batho ba bang mathata.

  2. Nako le Ketsahalo e sa Lebellwang. Hangata batho ba ba le mathata “hobane bohle ba hlahelwa ke nako le ketsahalo e sa lebellwang.” (Moeklesia 9:11) Sena se bolela hore ha o le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng, o ka hlahelwa ke kotsi ka lebaka la diphoso tse etswang ke batho ba bang kapa ho se tsotelle ha bona.

  3. Mmusi ya Kgopo wa Lefatshe. Bibele e re bolella ka ho hlaka hore na ke mang ya re bakelang mathata. E re: “Lefatshe lohle le rapaletse matleng a ya kgopo.” (1 Johanne 5:19) Mmusi eo “ya kgopo” ke Satane Diabolose, e leng sebopuwa se matla se sa bonahaleng, qalong e ne e le lengeloi la Modimo empa “ha a a ka a ema a tiile nneteng.” (Johanne 8:44) Mangeloi a mang a ile a latela Satane mme a fetohela Modimo hobane a ne a batla ho itaola, ka ho etsa jwalo, ya eba bademona. (Genese 6:1-5) Ha e sa le ho tloha ka nako eo, Satane le bademona ba hae ba sebedisa matla le bokgopo ho ferekanya lefatshe lena. Re bona sena hantle matsatsing ana. Hona jwale Satane o halefile haholo mme o ‘kgelosa lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona,’ e leng se tlisetsang lefatshe bomadimabe. (Tšenolo 12:9, 12) Kannete Satane ke mmusi ya kgopo ebile ke yena ya re bakelang mathata. O a thaba ha a bona re na le mathata.

NAHANA KA SENA: Ke motho ya kgopo le ya sehloho feela ya ka bakelang batho ba senang molato mathata. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e re: “Modimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Ka lebaka la lerato la hae, “ho ke ho be hole le Modimo wa nnete hore a sebetse bokgopo, le hore Ya Matla Ohle a sebetse ka mokgwa o hlokang toka!”—Jobo 34:10.

Le ha ho le jwalo, o ka nna wa ipotsa, ‘Modimo ya Matla Ohle o tla tlohella hore Satane a nne a etse bokgopo boo ho fihlella neng?’ Jwalo ka ha re se re bone, Modimo o hloile bokgopo ebile o utlwa bohloko haholo ha re hlahelwa ke mathata. Ho feta moo, Lentswe la hae le re: ‘Lahlelang matshwenyeho ohle a lona ho yena, hobane o a le tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Modimo o a re rata ebile o na le matla a ho fedisa mathata le kgethollo, jwalo ka ha sehlooho se latelang se tla bontsha. *

^ par. 7 E le hore o fumane dintlha tse ding mabapi le hore na ke hobaneng ha Modimo a dumelletse mathata, sheba kgaolo ya 11 bukeng ya Bibele e re Rutang? e hatisisweng ke Dipaki Tsa Jehova, o ka boela wa e downloada mahala websaeteng ya www.mt711.com/st-za.