Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo re ka Bang le Mamello e Eketsehileng Kateng

Kamoo re ka Bang le Mamello e Eketsehileng Kateng

KA MOR’A ho bala lihlooho tse fetileng, mohlomong u tla lumela hore ha u e-na le mamello e eketsehileng u tla thabela bophelo bo botle haholoanyane, u etse liqeto tse molemo, ’me u be le metsoalle e molemo. Kahoo, u ka ithuta ho ba le mamello e eketsehileng joang? Nahana ka likeletso tse latelang.

Lemoha lisosa:

Maemo kapa lintho tse etsang hore u felloe ke mamello, li ’nile tsa bitsoa lisosa tsa ho hloka mamello. Ke eng e etsang hore u hloke mamello? Na ho na le batho bao ka ho khetheha ba etsang hore u felloe ke mamello? Mohlomong molekane oa hao, batsoali kapa bana ba hao ke bona ba ka sehloohong ba etsang hore u felloe ke mamello. Kapa na u felloa ke mamello ka linako tse itseng? Ka mohlala, na mohlomong u hloka mamello ha u lokela ho emela ba bang kapa ha u siuoa ke nako? Na u felloa ke mamello ha u khathetse, u lapile, u tšoeroe ke boroko kapa u le tlas’a khatello e itseng? Na hangata u felloa ke mamello ha u le lapeng kapa u le mosebetsing?

Ho lemoha lintho tse etsang hore u felloe ke mamello ho ka u thusa joang? Khale koana Morena Solomone o ile a ngola a re: “Batho ba masene ba bona mathata a le hōle ’me ba ipatela ’ona, empa ba se nang tsebo ba fetela pele ’me ba khola litholoana tse bosula.” (Liproverbia 22:3, God’s Word Bible) Tumellanong le maele ana a boholo-holo a Bibele, haeba u lemoha kapa u bona lintho tse tla etsa hore u felloe ke mamello, u ka ’na ua khona ho li qoba. Qalong ho ka ’na ha hlokahala hore u nahane ka boiteko boo u lokelang ho bo etsa e le hore u be le mamello e eketsehileng, empa ka mor’a nako tšobotsi ena e tla itlela habonolo feela.

Nolofatsa bophelo ba hao:

Ho ea ka Moprofesa Noreen Herzfeld, ea rutang saense ea lik’homphieutha Univesithing ea Saint John’s, Minnesota, U.S.A., “batho ba ke ke ba khona ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe. Kelello e ke ke ea tsepama linthong tse ngata ka nako e le ’ngoe.” O phaella ka ho re: “Ka mor’a nako ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe ho fokolisa bokhoni ba rōna ba ho tsepamisa kelello ’me butle-butle ho etsa hore re hloke litšobotsi tse kang mamello, tiisetso, kahlolo e molemo le bokhoni ba ho rarolla mathata.”

Ho thata ho bontša mamello ha u imetsoe kelellong hobane u lokela ho etsa lintho tse ngata, ho ba libakeng tse ngata le ho buisana le batho ba bangata. Dr. Jennifer Hartstein, eo ho builoeng ka eena pejana lihloohong tsena oa lemosa: “Ha e le hantle, khatello ea kelello ke eona e etsang hore re hloke mamello.”

Iphe nako ea ho thabela bophelo. Iphe nako ea ho theha setsoalle sa sebele le batho ba seng bakae, ho e-na le ho ba le metsoalle e mengata feela eo e seng ea sebele. Rera hore na u tla sebelisa nako ea hao joang, ’me u behe lintho tsa bohlokoa sebakeng sa pele. Hlokomela lintho tsa ho itlosa bolutu le lisebelisoa tsa elektronike tse senyang nako.

E le hore u nolofatse bophelo ba hao, ho ka ’na ha hlokahala hore u hlahlobe kemiso ea hao ea letsatsi ka leng. Ke lintho life tseo u ka li fokotsang? Maele a Bibele a re: “Ho na le nako e behiloeng  bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe . . . , nako ea ho boloka le nako ea ho lahla.” (Moeklesia 3: 1, 6) Mohlomong ena ke nako ea ho tlohela tse ling tsa lintho tse senyang nako, e le hore u se ke ua phathahana hoo u ka felloang ke mamello.

Talima lintho ka tsela ea sebele:

Talima bophelo ka tsela ea sebele. Taba ea pele, bophelong hase kamehla lintho li etsahalang kapele kamoo re batlang kateng. Lumela taba ea hore monokotšoai ha o butsoe ho latela takatso ea tšoene. Hoo ke ho ba le mamello.

Taba ea bobeli, hopola hore hase kamehla u ka khonang ho laola maemo a hao. Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola a re: “Hase kamehla ea lebelo a hlōlang peisong; hase kamehla lebotho le matla le hlōlang ntoeng; hase kamehla motho ea bohlale a bang le lijo; hase kamehla ea masene a bang le leruo; hape hase kamehla ea rutehileng a fumanang thoriso e mo tšoanelang. Ha nako e fihla, lintho tse mpe li etsahalla motho e mong le e mong! Ha ho motho ea tsebang se tla mo etsahalla kamoso.”—Moeklesia 9:11, 12, Holy Bible—Easy-to-Read Version.

Ho e-na le hore u hloke mamello ka lebaka la lintho tseo u ke keng ua li laola, leka ho hlokomela tseo u ka khonang ho li laola. Ka mohlala, ho e-na le hore u utloisoe bohloko ke bese kapa terene e liehang ho fihla, leka ho fumana mokhoa o mong oa ho fihla moo u eang. Esita le ho tsamaea ka maoto ho ka ba molemo ho e-na le ho lulela ho ingamangama. Haeba u tlamehile ho leta, sebelisa nako eo hamolemo, mohlomong u ka bala kapa ua ngola lintho tseo u rerang ho li etsa nakong e tlang.

’Nete ke hore ha ho thuse ho lula u tšoenyehile ka lintho tseo u ke keng ua khona ho li laola. Ka ho loketseng Bibele e re: “Ke mang ho lōna eo ka ho itšoenya a ka tsebang ho lelefatsa bophelo ba hae leha e le ka motsotsoana?”—Luka 12:25, Bibele—Phetolelo e Ncha.

E-ba le kamano le Molimo:

Batho ba bangata ba lumelang Bibeleng, ba fumane hore ho sebelisa melao-motheo ea eona ho ka etsa hore ba be le mamello. Ho ea ka Bibele, motho ea nang le kamano le Molimo o atisa ho bontša mamello hammoho le litšobotsi tse ling tsa bohlokoa tse kang lerato, thabo, khotso, bonolo le boitšoaro. (Bagalata 5:22, 23) Bibele ea tšepisa: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.” (Bafilipi 4:6, 7) Bala Bibele ’me u ithute kamoo u ka khaotsang ho tšoenyeha haholo le kamoo u ka bontšang mamello haholoanyane kateng.