Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 8

“’Muso oa Hao o ke o Tle”

Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 8

Sena ke sehlooho sa ho qetela letotong la lihlooho tse robeli tseo ho tsona “Tsoha!” e tšohlang karolo e ikhethang ka ho fetisisa ea Bibele—e leng boprofeta ba eona kapa lintho tseo e li boletseng esale pele. Morero oa lihlooho tsena tsohle ke ho araba lipotso tsena tse latelang: Na boprofeta ba Bibele ke ntho feela e iqapetsoeng ke batho ba bohlale? Kapa na lintho tsee tse boletsoeng esale pele li bile teng ka tšusumetso ea Molimo? Re kōpa hore u hlahlobisise bopaki.

ESE e le lilemo tse ka bang likete tse peli joale batho ba ipolelang hore ke Bakreste ba rapella ’Muso oa Molimo hore o tle. Mokhoa ona o thehiloe mantsoeng a Jesu. O ile a ruta barutuoa ba hae hore ba rapele ba re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”—Matheu 6:10.

Ke ’Muso ofe oo batho ba bangata hakaale ba o rapellang? Ke ’muso oa Molimo o leholimong ’me o tla nkela mebuso eohle sebaka. Joaloka Morena ea khethiloeng oa ’Muso ona, Jesu Kreste o phetha thato ea Molimo leholimong le lefatšeng. (Daniele 2:44; 7:13, 14) Ka nako e loketseng, Molimo o tla arabela thapelo ena ea mohlala ka hore a felise bokhopo le mahlomola ’me a pholose “bongata bo boholo” bo se nang palo ba barapeli ba hae ba tšepahalang. (Tšenolo 7:9, 10, 13-17) Joale, “ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

Na ho na le tsela ea hore re ka tseba hore na maemo a tla be a le joang pusong ea Kreste? Ka sebele e teng! Ha a ne a le lefatšeng, Jesu o ile a bontša hore o na le takatso ea ho rarolla mathata a batho le hore a ka khona ho a rarolla. A re ke re hlahlobe likarolo tse ’nè tsa boprofeta ba Bibele ’me re bone kamoo Jesu a ileng a bontša hanyenyane feela lintho tseo a tla li etsa lefatšeng lohle joaloka Morena ’Musong oa Molimo oa leholimo.

 Boprofeta ba pele:

“Jehova . . . o felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo; o chesa likoloi mollong.”—Pesaleme ea 46:8, 9.

Ho phethahala ha bona: Jesu Kreste, “Khosana ea Khotso,” o tla tlisa khutso ea ka ho sa feleng lefatšeng. ’Muso oa Molimo o tla kopanya batho bohle hore e be mokhatlo oa ’nete oa bara ba motho o sebelisa lenaneo la thuto le khathollang ’me o tla felisa le libetsa lefatšeng lohle.—Esaia 2:2-4; 9:6, 7, NW mongolo o botlaaseng ba leqephe; 11:9.

Seo histori e se senolang:

Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba se ke ba loana empa ba phelisane ka khotso. Ha e mong oa barutuoa ba hae a ne a leka ho mo loanela a tšoere sebetsa, Jesu o ile a re ho eena: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:51, 52) Jesu o ile a bolela hore Bakreste ba ’nete ba ne ba tla khetholloa ka lerato leo ba le bontšanang.—Johanne 13:34, 35.

Boprofeta ba bobeli:

“Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.

Ho phethahala ha bona: ’Muso oa Molimo o tla felisa khaello ea phepo e nepahetseng, khaello ea lijo le tlala. Batho bohle ba tla ba le lijo tse ngata tse nang le phepo.

Seo histori e se senolang:

Jesu o ile a bontša ka ho hlaka hore o utloela batho ba lapileng bohloko e le kannete, ’me ketso eo a ileng a e etsa ea ho fepa batho ba bangata ka mohlolo e ne e hlolla. Paki e boneng ketsahalo eo e ile ea re: “[Jesu] a laela bongata hore bo otle ka lehlakore holim’a joang ’me a nka mahobe ao a mahlano le litlhapi tseo tse peli, ha a lelalla leholimong, a kōpa tlhohonolofatso ’me, ka mor’a ho qhetsola mahobe, a a abela barutuoa, barutuoa bona ba a abela bongata. Kahoo bohle ba ja ba khora, ’me ba nka lingoathoana tse setseng, libaskete tse leshome le metso e ’meli tse tletseng. Empa leha ho le joalo ba neng ba ja e ne e ka ba banna ba likete tse hlano, ntle ho basali le bana ba banyenyane.”—Matheu 14:14, 19-21.

Boprofeta ba boraro:

“Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) “Mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha. Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.”—Esaia 35:5, 6.

Ho phethahala ha bona: ’Muso oa Molimo o tla felisa mefokolo le maloetse a mefuta eohle. Ba foufetseng ba tla bona le ba sa utloeng  litsebeng ba tla utloa ’me ba bue. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le motho ea hlokang meriana, lipetlele kapa lingaka.

Seo histori e se senolang:

Ha Jesu a ne a ruta batho ka ’Muso oa Molimo, o ne a ithaopela ho ba phekola maloetse ’ohle le kholofalo ea mofuta o mong le o mong. Kahoo, Jesu o ile a bontša hanyenyane feela seo a neng a tla se etsa lefatšeng ka bophara joaloka Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo.—Luka 7:22; 9:11.

Boprofeta ba bone:

Molimo o “tla metsa lefu ka ho sa feleng.”—Esaia 25:8.

Ho phethahala ha bona: Nakong eo Kreste e leng Morena oa ’Muso oa Molimo, “ba mabitleng a khopotso” ba tla tsosetsoa ho phela lefatšeng la paradeise. (Johanne 5:28, 29) Jesu o tla hlōla lefu, sera sa rōna se sehlōhō ka ho fetisisa, e le hore re thabele ho phela ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 37:29.

Seo histori e se senolang:

Bonyane ka makhetlo a mararo, Jesu o ile a bontša matla a hae ka ho tsosa motho ea shoeleng. (Luka 7:11-15; 8:41-55; Johanne 11:38-44) Ka mor’a hore Jesu a shoe, lipaki tse ba ka bang 500 tse ’moneng ka mor’a hore a tsosoe, li ne li ka paka hore o tsositsoe bafung.—1 Bakorinthe 15:3-8.

Letoto lena la lihlooho tse robeli le tšohlile likarolo tse ngata tsa boprofeta ba Bibele bo phethahetseng. Boprofeta boo bohle hammoho le bo bong bo bongata, bo bontša hore Bibele hase buka feela e iqapetsoeng ke batho ba bohlale. Ho e-na le hoo, ho na le bopaki bo hlakileng ba hore e bile teng ka tšusumetso ea Molimo. Ha ho pelaelo hore “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka Mangolong, ke Lentsoe la Molimo.”—2 Timothea 3:16, Contemporary English Version.

Kaha Bibele ke buka ea boprofeta bo nepahetseng, u na le mabaka ’ohle a ho lumela hore “ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:10, 11.