Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Bacha Baa Botsa

Monna oa Sebele ke ea Joang?

Monna oa Sebele ke ea Joang?

“Ntate o ile a hlokahala ha ke le lilemo li tharo. Ka linako tse ling ke ikutloa ke lakatsa eka nka be ke tšoana le bashanyana ba hōtseng ba e-na le bo-ntate. Ba bonahala ba itšepa haholonyane ho mpheta.”—Alex. *

“Ha ke na kamano e ntle hakaalo le Ntate. Ke ile ka tlameha ho ithuta ka bonna hore na ho bolela’ng ho ba monna oa sebele.”—Jonathan.

NA U kile ua ikutloa joaloka bacha baa bao ho qotsitsoeng mantsoe a bona ka holimo? Na u nahana hore ka lebaka le itseng, le ka mohla u ke ke ua ithuta hore na ho bolela’ng ho ba monna oa sebele? Haeba ho joalo, u se ke ua lahla tšepo!

Nahana hore na u ka hlōla mathata a mabeli a tloaelehileng joang.

BOTHATA BA PELE: Maikutlo a fosahetseng a tloaelehileng ka ho ba monna

Seo ba bang ba se buang:

  • Banna ba sebele ha ba boi; ha ba lle.
  • Banna ba sebele ha ba joetsoe hore na ba etse’ng.
  • Banna ba betere ho feta basali.

Tsela e ’ngoe eo re ka talimang sena ka eona: Tabeng ena ho bontšoa phapang pakeng tsa monna oa sebele le moshanyana—eseng pakeng tsa monna le mosali. U fetoha monna oa sebele ha u tlohela mekhoa ea bongoana. Moapostola oa Mokreste, Pauluse o ile a ngola a re: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke nahana joaloka ngoana, ke beha mabaka joaloka ngoana; empa kaha joale ke monna, ke lahlile mekhoa ea bongoana.” (1 Bakorinthe 13:11) Ka mantsoe a mang, ha u ntse u etsa hore mekhoa  ea hao ea bongoana ea ho nahana, ho bua le ho etsa lintho e nkeloe sebaka ke mekhoa ea motho ea hōlileng ea ho nahana, ho bua le ho etsa lintho, ka tsela eo u paka hore u monna oa sebele. *

U k’u leke sena: Ngola likarabo tsa lipotso tse latelang pampiring:

  1. Ke likarong life moo ke ntlafalitseng tabeng ea ho lahla “mekhoa ea bongoana”?
  2. Nka ntlafatsa likarolong life?

Ho etsoa tlhahiso ea hore u bale: Luka 7:36-50. Bona kamoo Jesu a ileng a bontša kateng hore ke monna oa sebele (1) ka ho emela se nepahetseng (2) le ka ho tšoara ba bang ka tlhompho—ho kopanyelletsa le basali.

“Ke khahloa ke motsoalle oa ka, Ken. Ke monna ea matla—’meleng, maikutlong le moeeng—empa hape o mosa. Mohlala oa hae o nthutile hore monna oa sebele ha a khelle ba bang fatše e le hore feela eena a hlahelle.”—Jonathan.

BOTHATA BA BOBELI: Ho se be le ntate ea behang mohlala o motle

  • Seo ba bang ba se buang:
  • Haeba ntate a le sieo lapeng, le ka mohla u ke ke ua ithuta hore na ha e le hantle ho ba monna ho bolela’ng.

● Haeba ntate oa hao a u behetse mohlala o mobe, joang kapa joang u tla pheta liphoso tseo a li entseng.

Tsela e ’ngoe eo re ka talimang sena ka eona: Esita le haeba u sa hōlisoa hantle bongoaneng, hoo ha ho bolele hore joang kapa joang lintho li tla u tsamaela hampe! Leha ho le joalo, u ntse u ka khetha ho ntlafatsa boemo boo u leng ho bona. (2 Bakorinthe 10:4) U ka khetha ho latela keletso eo Morena Davida a e fileng mora oa hae Solomone ha a re: “U be matla ’me u be monna.”—1 Marena 2:2.

’Nete ke hore ho ka ba thata haeba u hōlela lelapeng leo ntate a sa u tsotelleng—kapa moo a leng sieo. Alex eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae  qalong, o re: “Ho se tsebe ntate oa hao ho u beha ka mosing bophelong. Ke lilemo li 25, empa ke ikutloa eka ke hona ke ithutang lintho tseo ke neng ke lokela hore ebe ke ithutile tsona ha ke le lilemong tse ka tlaase ho 20.” Haeba u ikutloa joaloka Alex, ebe u ka etsa’ng ka seo?

Leka sena: Fumana motataisi—e leng motho ea behang mohlala o motle oa ho ba monna oa sebele. * Mo bo botse hore na ke litšobotsi life tseo a lumelang hore ke tsa bohlokoa haholo tseo monna oa sebele a nang le tsona. Ebe joale ua mo botsa hore na uena u ka etsa’ng hore u be le litšobotsi tseo.—Liproverbia 1:5.

Ho etsoa tlhahiso ea hore u bale: Liproverbia khaolo 1-9. Hlokomela keletso ea ntate e ka thusang moshanyana hore a hōle e le monna ea bohlale le oa moea.

“Ke motlotlo ka seo ke ntseng ke e-ba sona. Le hoja ke ne ke lakalitse hore ebe ntate o ne a le teng ha ke ntse ke hōla, ke na le tšepo ka bokamoso. Ke kholisehile hore lintho li tla ntsamaela hantle.”—Jonathan.

^ ser. 3 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

^ ser. 24 Baholo ka phuthehong ea Bokreste e ka ba batataisi ba molemo.

KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?

Le nahana hore monna oa sebele ke motho ea joang? Ebe ke ea joang tabeng ea ho bontša hore ke motho ea hōlileng?